Abele le popo ya ausi wa hae Palesa
Eyobi Kitaw
Jesse Breytenbach

Ho ne ho ena le moshanyana ya bitswang Abele. O ile a iketsetsa kariki. Abele o ne a hloka motho ya tla kganna kariki eo ya hae.

A bua le ausi wa hae Palesa ya neng a ena le popo a re, "Ke batla mokganni bakeng sa kariki yaka. Ke kopa o mphe popo ya hao, e ka kgona ho dula ka hara kariki."

1

Palesa a hana ka popo ya hae, mme seo sa etsa hore Abele a halefe haholo. Ba qala ho hula popo, Palesa a e hula ka letsoho le le leng ha Abele a e hula ka le leng. Letsoho la popo la kgaoha.

2

Palesa a ya ho mmae a lla, "Bona mme Abele o hutse letsoho la popo ya ka, mme la kgaoha hobane a ne a batla popo e kganne kariki ya hae," ho rialo Palesa.

Mme one a sa thaba ho hang ka boitshwaro ba Abele.

3

A nahana hore a ka ruta Abele ho hlompha dibapadiswa tsa kgaitsedi ya hae jwang. A ba le mohopolo.

A etela motswalle wa hae wa ngaka. A mo kopa a re, "Ke kopa o nthuse hle." "Nka o thusa kang motswalle?"

4

Mma Palesa a araba a re, "Moraka Abele ha a itshware hantle matsatsing ana, o hutse letsoho la popo ya Palesa mme la kgaoha, jwale ke batla ho moruta thuto eo a ke keng a e lebala.

Hosane ke tla mo romela ho wena le popo hore o tle o kgutlisetse letsoho la yona."

5

"Ke kopa o mmolelle hore o tla lokela ho lefella tshebetso ya hao ya ho lokisa letshoho la popo. Ke a tseba hore ha a na tjhelete, empa o mmolelle hore o tla lefa ka ho hlwekisa koloi yane ya hao e kgolo," ke mma Abele eo.

Motswalle wa hae a tsheha a re, "Ee! ono ke mohopolo o motle haholo hore a tle a kgone ho lekola diketso tsa hae."

6

Mmaya Abele le Palesa a kgutlela hae mme ha a fihla a bitsa Abele. A mo dudisa fatshe, a mmotsa a re, "Ha o kula kapa o lemetse o etsa jwang?" "Ke ya ngakeng mme." ho araba Abele.

"Ke hantle ha o tseba hoo, o lokela ho isa popo ngakeng hobane o e lemaditse."

7

Abele a phethisa ditaelo tsa mmae. A fihla ngakeng a e bolella a re, "Popo ena e lemetse, mme o itse ke e tlise mona ho wena hore o tle o e fodise. Na o ka kgona ho e kenya letsoho le letjha?" Abele a botsa ngaka.

Ngaka ya dumela ho lokisa popo, mme ya e etsetsa letsoho le letjha ya le kenya.

8

Eitse ha ngaka e qeta ya re ho Abele, "Popo e na le letsoho le letjha jwale. O tlameha ho lefa ditjeho tsa tshebetso yaka. O na le bokae?"

"Ha ke na tjhelete ya ho o lefa hle!" ke Abele eo.

9

Ngaka ya re, "Ha o sena tjhelete o tla lokelwa ke ho hlwekisa koloi yaka e ditshila. Eo e tla ba yona tsela ya ho lefella ditjeho tsa tshebetso yaka."

Abele a tshela metsi ka emereng, mme a nka lesela le hlwekileng, a hlatswa koloi nako e telele.

10

Abele o ile a nka popo a e kgutlisetsa ho Palesa. Palesa o ile a thaba haholo ho bona popo e lokile mme a re ho Abele, "Ke a leboha ha o lokisitse popo yaka." A mo suna phatleng.

"Ke kopa hore o ntshwarele ha ke ile ka senya popo ya hao. Ke ne ke halefile ha o hana ho nkadima yona." Ho rialo Abele.

11

Ho tloha mohlang oo, Abele a kgaotsa ho nka dintho tsa Palesa, mme a leka ka hohle hore a se mo halefele.

O ile a nahana hore ho ne ho se bobebe ho lefella popo hore e lokiswe.

12
You are free to download, copy, translate or adapt this story and use the illustrations as long as you attribute in the following way:
Abele le popo ya ausi wa hae Palesa
Author - Eyobi Kitaw
Translation - Maria Vaz
Illustration - Jesse Breytenbach
Language - Sesotho (South Africa)
Level - Longer paragraphs