

Nita o entse hlanaphetho, moriri wa hae o molelele o thetsa fatshe. Difate, jwang, le tsohle e ka ka di shebile fatshe.
Maoto a hae, eka a thetsa lehodimo. Navi o feta pela hae, mme o re, "Nkile ka o bona mona pejana." Hobaneng o entse hlanaphetho hape!
Maoto a hae a fofafofa moyeng. O leka ho ipata ka mora moriri wa hae. "Ha ke kgone ho bua," o bolella Navi. "Ha ke sa tshwana le pele."
Navi o tshwara Nita ka letsoho. O mo thusa ho utlwisisa. Ba hlwella sebakeng se phahameng, moo Navi a bonang ntho tse ngata tse hole. Ba shebile bana ha ba bapala.
Bana bao ha ba sa tshwana le pele hohang. Abi o nonopetse.
Chi o mabatobato sefahlehong.
Lala o molelelehadi.
Bamabam o a mathaka, o lokolohile.
Ha Lulu yena a ipalla ka setu.
Bona moriri wa Freya o kopakaneng.
Sid yena o dula a rwetse dikgalase hohle.
Nna ke moketanyana, e mong le e mong o na le botho le tshobotsi ya hae tse ikgethileng. Kaofela re bapala papadi e le nngwe ka ho fapana ha rona.
Nita o ikutlwa hantle, mme o leboha mokgotsi wa hae e motjha. Ho etsa hlanaphetho ha ho monate. Jwale o bapala le bohle.


