Mose wa ausi wa ka o moholo haholo ho nna!
Jeresi ya abuti wa ka e kgolo haholo ho nna.
Mokotla wa ka o moholo. Empa ha o moholo hakalo!
Lebanta la kgale le le nyenyane haholo ho nna!
Ena ke kapi ya popi ya ka.
Dikausu tsa ka di ntekana hantle. Empa mmala ha se ona!
Tsena ke dieta tsa ka tse ntjha.
Di ntekana hantle haholo.