

"Selemong sena re ilo ba le kopano e ikgethileng ya lapa," ha tsebisa Mme Pholikone. "Ke mang ya tlang? Ke a tshepa hore Dipholikone kaofela di tla ba teng. Ke hloloheletswe bomotswala ba ka," Khumo a realo.
"Ke hopotse ba lehlakore la lapa leso haholo, e leng boDikhwadrilatherale," Mme a bososela. "Ee, ke nako e telele re sa bone Kgutlonne, Sekwere le Rombase," ha realo Ntate Pholikone. "O se lebale, ba na le bana ba bararo jwale" Mme a hopotsa Ntate.
"Motswala Sekalini yena le bana ba hae? Na ba tla tla?" ha botsa Thuso. Mme a araba, "Ee, ke Dipholikone, leha e le hore ha se Dikhwadrilatherale. Fane ya bona ke Kgutlotharo. Bana ba bona ke Aesoselese le Ekhwilatherale."
"Ee, ho jwalo, lapa la Kgutlotharo", Thuso a kgotsa. Ëmpa ba shebahala jwalo ka Dikhwadrilatherale haholo." "Tjhe, eseng hakalo," Mme a realo. "Dikgutlotharo di na le mahlakore a mararo, ha Dikhwadrilatherale di na le mahlakore a mane, jwalo ka nna."
Ntate Pholikone a eketsa, "Ke thabile haholo hobane bomotswala ba ka ba bararo ba tla be ba le mona, ke Phenthakone, Heksakhone le Okthakone. Le bona ke karolo ya lapa la rona la Pholikone." Thuso a botsa ntatae a re: "Ntate, hobaneng ha re bitswa Dipholikone?"
Ntatae a araba a re: "Re Dipholikone hobane re na le dibopeho tse mekga e mmedi. Re entswe ka mela e otlolohileng, mme sebopeho sa rona se kwalehile, jwalo kaha o bona, mela ya rona yohle e kopane. Bomotswala ba rona Dikgutlotharo, Dikhwadrilatherale, Diheksakone le Diphenthakone ba tla be ba etile kaofela."
Na o itse Hekthakone o a tla? Na le yena ke wa leloko la rona?" ha botsa Khumo. "Ho jwalo moradi wa ka, ka ho mo sheba fela o ka bona hore ke wa lapa la rona. O lokela ho sheba ka hloko palo ya mahlakore ao bomotswala ba hao ba nang le ona, ho seng jwalo, o ke ke wa kgona ho bona phapang. Motswala Okthakone o na le mahlakore a robedi hobane lebitso la hae le qala ka Octa," Ntate a realo.
"Ho lokile, na Phentakone le Heksakone bona?" Thuso a botsa. "Motswala Heksakone o na le mahlakore a tsheletseng hobane lebitso la hae le qala ka Hexa," Ntatae a araba a re: "Diphenthakone di na le mahlakore a mahlano. Titjhere wa rona o re bolelletse hore Penta e bolela 'hlano'." ha eketsa Khumo.
"O hopole hore Tri e bolela tharo mme Quad e bolela nne. Ke sona se etsang hore bomotswala ba hao, Kgutlotharo le Quadrilatherale ba bonale ba fapane," Mme a realo.
"Ntate, Heptakone o na le mahlakore a makae?" ha botsa Thuso. Ntate a tsheha a re: "Ha ke no ho bolella. Hopola hore re nkile senepe le bona lenyalong la malomao. Ke batla o shebe senepe ka hloko o be o mpolelle hore na o elellwa eng."
Thuso a sheba senepe a be a araba ka potlako, "Hepthakone o na le mahlakore a supileng," Khumo a eketsa, "Ee, hopola hore titjhere wa rona o re bolelletse hore Hepta e bolela 'supa'."
"Oho, mofumahadi wa ka, na o a bona hore bana ba rona ba bohlale jwang? Ho lokile, Deca yona, o bolelang?" ha botsa Ntate. "Leshome! Leshome!" ha hweletsa Thuso le Khumo mmoho.
"Ee, ke ka hoo e mong wa bomotswala ba lona e leng Dekakone, empa ha a tle hobane o lokela ho ya emela sehlopha sa basesi. Ho na le Didekakone tse mmalwa sekolong sa bona," Mme a ba bolella jwalo.
Mme bana ba botsa, "Mme le Ntate, na re ka mema motswalle wa rona Sedikadikwe wa moahisane?" Batswadi ba bona ba dumela hore Sedikadikwe a tle kopanong ya lapa.
Hanghang ha utlwahala ho kokotwa monyako o ka pele, mme Ntate a ema ho ya lekola. "Dikhwadrilatherale di fihlile! Le amohetswe! Le amohetswe" ha hweletsa Ntate.
Bohle ba lapa ba phahama ho ya dumedisa Kgutlonne, Sekwere le bana ba bararo ba ha Rombase. Dikhwadrilatherale di ne di thabetse ho fihla pele.
Lapa la Kgutlotharo la kokota monyako hang ka mora Dikhwadrilatherale. Sekalini, Aesoselese le Ekhwilatherale ba kgathetse ka mora leeto la bona le le lelele, empa ba thabetse ho ba le bohle ba lapa.
Qetellong, Okthakone, le Hepthakone ba fihla le bana ba bona, Dipenthakone tse pedi le Heksakone. Le bona ba tlile le Dikwere tse tharo. Okthakone a hlalosa, "Ke tshepa hore ha le no kgathatseha hore bana ba Khwadrilatherale ho tswa motseng kwana ba tlile le rona. Ha ba so ka ba etela toropong."
"Metswalle le ba lapa ba amohelehile ka nako tsohle mona," Mme a bososela. Ke ha a romela bana kaofela ka ntle ho ya bapala.
"Re ilo bapala papadi efe?" Thuso a botsa bana ba bang. Ekhwilatherale a hweletsa a re: "Ha re bapaleng papadi ya theseleishene!" Bana ba Dipholikone kaofela ba qala ho theseleita.
"Na nka bapala le lona? Le nna ke batla ho theseleita," Sedikadikwe a realo. Thuso a re, "Phepi hle, ke maswabi hore o ke ke be wa kgona ho theseleita, motswalle wa ka. "E mong wa Dikwere a eketsa a re, "Ha o bone sebopeho sa hao, ha o Pholikone. Didikadikwe ha di kgone ho theseleita."
Sedikadikwe o ne a swabile mme a ikutlwa a qheletswe ka thoko. Ha se monyaka hore ha re bapala ha monate e mong a be a qheletswe ka thoko.
Thuso a re, "Methaka, ha re mpeng re bapale papadi eo Sedikadikwe le yena a tla kgonang ho e bapala." Yaba Dipholikone le Sedikadikwe ba bapala mmoho ho fihlela dijo tse hlabosang di se di lokile.

