Nngwe-tharong tsa Monghadi Motaung
Lindiwe Tshabalala
Marleen Visser

Ke nako ya kgefutso sekolo se tlase sa Siyafunda. Nomsa, Jabu le Zodwa ba sa tswa dula moriting ho ja dijo tsa bona tsa motsheare. Kajeno Nomsa le Zodwa ba tlile le dijo hae, empa Jabu o ja kota e tswang lebenkeleng la Monghadi Mkhize.

1

"Mmmm, tjhise e lebejana, e a lelemela haholo! Dikota tsa Monghadi Mkhize di monate haholo!" ha kgotsa Jabu a inyeka menwana. Tebogo o dutse haufi le yena mme a utlwa Jabu. O ne a sa kgolwe ditsebe tsa hae! Tebogo a botsa, "O qeta hore ho na le tjhise ka hara kota ya Monghadi Mkhize? O qeta hore dikota tsa Monghadi Mkhize di monate haholo? Na ebe o a swaswa?"

2

"Kgidi! Ha o tsebe Monghadi Mkhize! O fetotse ditsela tsa hae mme kota ena e a ipuella," ho realo Jabu a supa kota ya hae. Kota e kentswe ditjhipisi, palone le atjha, mme e kwahetswe ka tjhise e lebejana e qhibidisitsweng. Tebogo o thabisitswe ke seo, "Ke nnete, le bohobe bo kentswe ntho tse ngata!" Ka yona nako eo Scelo a fihla ka dijo tsa hae tsa motsheare mme Tebogo a re ho motswalle wa hae, "Hela Scelo, bona kota ena!"

3

Jabu a sheba Scelo sefahlehong mme a re, "Hobaneng o hloname tje!" Scelo a beha kota hodima bentjhe haufi le kota ya Jabu. "Ke fumane kota ya ka ha Monghadi Motaung. Dikota di a lekana ka boholo, empa ya ka ha e a kenywa dintho tse ngata!" "Ee," Nomsa a realo. "Ke ka hoo bana ba bangata ba rekang lebenkeleng la Monghadi Mkhize ha jwale."

4

"Jwale, Monghadi Mkhize e se e le monna ya fetohileng? O ne a rata ho seha lofo e le nngwe dikotwana tse hlano ho etsa kota ya hae!" Tebogo a realo. "Kgele!" ho kgotsa Nomsa, "e ne e se kota ho hang!"

"Hobaneng ha e ne e se kota?" ho botsa Scelo.

5

"Tjhe, bo, Scelo!" ha tsheha Nomsa. "Ha o sa hopola seo titjhere wa rona a re rutileng sona ka dipalo-phatlo (diforakshene)? Ho seha lofo e le nngwe dikotwana tse hlano tse lekanang ha ho re fe dikotara. Ho re fa dikarolo tsa nngwe hlanong." Scelo a nahana, a nto re, "Ke a hopola! Karolo ka nngwe ya se tletseng ha e arolwa dikotwana tse 5 tse lekanang ke ⅕ ya se tletseng. Karolo ka nngwe ya se tletseng ha e arolwa dikotwana tse 4 tse lekanang ke ¼ ya se tletseng."

6

Zodwa a mo kena hanong, "Bathong! empa, ho etsahalang ka dikota tsa Monghadi Motaung? Ke kotara ya lofo, empa di nyenyane ho feta dikota tsa Monghadi Mkhize." Jabu a swenya a re ho sehlopha, "Haeba Motaung a na le mathata a be a tswa kgwebong, Mkhize o tla be a se na tlhodisano. Ho tla etsahalang haeba Mkhize a ka ba meharo mme a kgutlela ditseleng tsa hae tsa kgale tse mpe?"

7

Ka mora matsatsi a mmalwa, Monghadi Motaung o itokisetsa ho rekisa dijo tsa motsheare ka nako ya kgefutso ya sekolo. O tshwenyehile. Matsatsing ana, ke barutwana ba mmalwa feela ba rekang ho yena. Monghadi Motaung o a ipotsa, "Hobaneng ha ba fallela ho Mkhize? Ke eng eo a e etsang eo nna ke sa e etseng? Ke ne ke nahana hore re rekisa kota e tshwanang, ka theko e tshwanang."

8

Ha Jabu a le tseleng ya ho tswa lebenkeleng la Monghadi Mkhize, o feta lebenkeleng la Monghadi Motaung. Monghadi Motaung a mmitsa a re: "Hela, Jabu, ho jwang? Ke kgale ke sa o bone." Mahlo a Monghadi Motaung ha a ho Jabu, empa, ho kota eo Jabu a e tshwereng! A elellwa hore kota e na le ditjhipisi tse ngata, tjhise e ngata, palone e ngata le atjha e ngata! Monghadi Motaung a bososela hobane o se a bone sephiri sa Mkhize.

9

Nakong e latelang, ha Nomsa le Zodwa ba reka dikota tsa bona, Mkhize a ba fa mpho. "Emang motsotswana, ke le tshwaretse semaka. Haufinyana ke tla be ke rekisa ditholwana lebenkeleng la ka. Diapole tsa mahala tse hlabosang ke tsena. Ke kopa le di arolelaneng le metswalle ya lona."

10

Banana ba ne ba thabile. "Re a leboha Monghadi Mkhize!" ba buela hong. Ba nka sepheto sa ho tlo arolelana diapole le Jabu, Tebogo le Scelo, mme ba ya ho ba fumana jareteng.

11

Zodwa a bolella bashemane a re: "Monghadi Mkhize o re file diapole tsena ho di arolelana. O batla ho di rekisa lebenkeleng la hae." Nomsa a beha diapole bentjheng hore ba kgone ho di bala kaofela. "Ho lokile," ho realo Tebogo, "e mong le e mong wa rona a ka ba le palo e lekanang ya diapole. Empa ho setse apole e le nngwe."

12

"Ha re seheng apole e setseng dikarolwana tse tharo tse lekanang," ha sisinya Jabu. "Dikarolwana tseo tse lekanang di bitswang?" Nomsa a buela tlase. "Dikarolwana tsa nngwe tharong! Seha apole dikarolwana tsa nngwe tharong! Dikarolwana tse tharo tse lekanang," ho realo Scelo ka motlotlo.

13

"Tjhe, ha re neheng titjhere wa rona wa dipalo, apole e setseng!" ho realo Zodwa. Metswalle ya dumellana hore hoo ke mohopolo o motle ho neha Mme Nkosi apole ka mora nako ya kgefutso.

14

Bekeng e latelang, Jabu le Nomsa ba ne ba emetse Zodwa ka nako ya kgefutso. Zodwa a fihla ka kota ya hae. "Bonang, Motaung o kgutletse kgwebong!" a realo. Zodwa a beha kota ya hae bentjheng mme boraro ba bona ba bapisa boholo ba dikota. "Kgele!" ho realo Jabu, "kota yane e kgolwanyane ho feta kotara! Sheba ditjhipisi tseo!"

"Ke kgolwa hore sena se jele tjhelete e ngata? Monghadi Motaung o etsa phahello jwang?" ho botsa Nomsa a belaela.

15

Ka mora nako ya kgefutso, ha ba kgutlela phaposing, Zodwa a nka metswalle ya hae ho ya bala boto ya ditsebiso ka ntle ho lebenkele la Monghadi Motaung. Jabu le Nomsa ha ba kgolwe mahlo a bona ha ba bala sena: Fumana kota ya hao e kgolohadi!

Ka ho eketsa ka R3, 00 fela! Karolwana ya nngwe tharong ya lofo ka ditjhipisi tse ekeditsweng le sousu e ekeditsweng. Ka palone KAPA ka tjhise!

16
You are free to download, copy, translate or adapt this story and use the illustrations as long as you attribute in the following way:
Nngwe-tharong tsa Monghadi Motaung
Author - Lindiwe Tshabalala, African Storybook
Translation - Thelma Machoene Tshesane, Tseliso Masolane
Illustration - Marleen Visser
Language - Sesotho (South Africa)
Level - Read aloud