Dikotara tsa Monghadi Mkhize
Lorato Trok
Marleen Visser

E se e tla ba nako ya kgefu sekolong se tlase sa Siyafunda. Beng ba mabenkele a mabedi a mannyane sekolong ba lokisetsa dijo tsa motsheare ho tla rekisetsa bana ba lapileng.

1

Ka lebenkeleng la Monghadi Motaung, bohobe bo sehilwe mme bo loketse ho etsa dikota. O seha ka hloko karolo e bonojana e bohareng ba kota ya lofo e nngwe le e nngwe. Ebe o kenya palone le ditjhipisi ka hare.

Motaung o tshela dikgaba tse pedi tse tletseng tsa atjha e entsweng ke mosadi wa hae ka hara kota e nngwe le e nngwe. O rata ho ikgantsha ka hore dikota tsa hae di na le atjha ka hare le atjha ka hodimo.

2

Ka lebenkeleng la Monghadi Mkhize, ditjhipisi di se di tla butswa, empa o ntse a seha bohobe ho etsa dikota. O tshwenyehile hobane dintho ha di tsamaye hantle ka lebenkeleng la hae.

"Ho qadile hantle," ho nahana Mkhize. "Empa ha jwale ke fumana bareki ba mmalwanyana letsatsi le letsatsi. Bonyane ke fokotsa ditjeho ka ho seha dikota tse hlano ho tswa lofong ka nngwe.

3

Jabu le Zodwa ba reka dijo tsa motsheare. Zodwa o reka ho Monghadi Mkhize. Jabu o reka ho Monghadi Motaung. O kgolwa hore kota ya Monghadi Motaung e na le ditjhipisi tse ngata le atjha ho feta ya Monghadi Mkhize.

4

Mola wa lebenkeleng la Monghadi Motaung o dula o le molelele. Zodwa o emela Jabu. Metswalle jwale e dula mmoho moriting ho ja dikota tsa bona.

5

Zodwa o lemoha ho hong ho etsang hore a tone mahlo, a swenye.

"O shebileng?" ho botsa Jabu. "Kota ya hao! E shebahala e le kgolo ho feta ya ka," ho rialo Zodwa.

6

Bobedi ba bona ba shebisisa dikota tsa bona. Ke nnete, ya Jabu e kgolwanyane. "Ho na le ntho e sa nepahalang mona," ho realo Zodwa. "Ke a ipotsa hore na ke lona lebaka le etsang hore lebenkele la Monghadi Mkhize le se hlole le sebetsa hantle."

Jabu a nahana motsotswana a be a araba, "Ee, ke utlwile hore bana ba bang ba bone Monghadi Mkhize a seha bohobe ho etsa dikotwana tse hlano ho etsa dikota!"

7

Nomsa a utlwa Jabu le Zodwa ba bua mme a ba le kgahleho. O ba botsa hore na keng e phoso ka ho seha lofo dikotwana tse hlano ho etsa dikota.

Zodwa le Jabu ba araba mmoho, "Kota ke kotara ya lofo!" Nomsa o bonahala a santse a maketse, ka hoo, Zodwa o a hlalosa, "Lofo e tlameha ho sehwa dikotwana tse nne tse lekanang. Hoseng jwalo, ha se dikotara."

8

Nomsa o kgenne hobane le yena o reka ho Monghadi Mkhize. "Ho bolela hore o utswa bohobe ho rona!" a realo ka lentswe le phahameng. Zodwa a qeta ka ho kgutlela lebenkeleng la Mkhize ho ya ipelaetsa.

A tloha a tshwaretse kota ya hae hodimo. Nomsa a tla a potlakile ka mora hae. Jabu a hemela hodimo a nto sala metswalle ya hae morao.

9

Monghadi Mkhize o swabile ha a bona hore bana ha se bareki ba batjha. "Hela, dumelang ke lona hape bana," a realo, "nka le thusa jwang?"

Zodwa a re: "Monghadi Mkhize, ke o kopile kota mme ka o lefa bakeng sa kota eo. Empa sena ha se kota," a supa kota ya hae. "Ke batla kota ya ka e felletseng kapa o nkgutlisetse tjhelete ya ka," a tswela pele a hatella.

10

"Na ke nnete Monghadi Mkhize? Kgale o re qhekanyetsa!" ha bokolla Nomsa. Bana ba mmalwa ba ne ba mo setse morao ho ya lebenkeleng mme ba mametse diqoso tseo tse halefileng.

Mkhize a phasalatsa matsoho moyeng. "O reng ka nna?" a botsa a ngangabetse. "Ha ke jwalo. Ke batla o tswe lebenkeleng la ka hona jwale!"

11

Mme Zodwa a buela tlase a re: "Re tla bolella batho bohle ka seo o se etsang. E tla phatlalla jwalo ka mollo o bohale sekolong kaofela. O tla be wa kwala lebenkele la hao. Ha ho motho ya tla hlola a reka lebenkeleng la hao!"

Monghadi Mkhize a sheba bana ba bararo ba emeng ka pela hae. Yaba o sheba letshwele la batho le ntseng le eketseha ka ntle ho lebenkele la hae.

12

Qetellong a re: "Ho lokile, ke tla kgutlisa tjhelete ya hao." Jabu a re: "O boele o tshepise hore o tla seha lofo ka nngwe ka dikotara ho etsa dikota."

Monghadi Mkhize a tshepisa hore o tla etsa seo. A thetha sekgohlola mme a buela hodimo hore bohle ba utlwe, "Ke tshepisa hape hore ke tla eketsa atjha le ditjhipisi dikoteng tsa ka."

13

Ka nnete Monghadi Mkhize o ile a eketsa ditjhipisi le atjha dikoteng tsa hae. E se kgale bana ba bangata ke ha ba se ba reka ho yena, mme lebenkele la hae la qala ho sebetsa hantle. O ile a be a kgona ho hira motho e mong hore a mo thuse.

14

Ha jwale ho na le tlhodisano e ntle pakeng tsa Monghadi Mkhize le Monghadi Motaung, mme bohle ba thabile.

15

16
You are free to download, copy, translate or adapt this story and use the illustrations as long as you attribute in the following way:
Dikotara tsa Monghadi Mkhize
Author - Lorato Trok
Translation - Thelma Machoene Tshesane, Tseliso Masolane
Illustration - Marleen Visser
Language - Sesotho (South Africa)
Level - Longer paragraphs