Letsatsi la Atlehang
Ursula Nafula
Catherine Groenewald

Atlehang o ne a paqame fatshe mmateng wa hae. O ne a mametse mmae a mo phetela pale e nngwe ya tseo a di ratang haholo.

Pale e ne e le ka basadi ba motseng wa bona, ba tsejwang ka ho etsa dimmate le dibasekete tse ntle.

Mpho ya Atlehang e bohlokwa haholo e ne e le mmate wa ho robala a o etseditsweng ke nkgonwae ka tsatsi la matswalo a hae ha a qeta dilemo tse 10.

1

E itse ha Atlehang a tsoha, mmae o ne a batla ho phutha mmate a o behe. "E seng jwale Mme. Ha re shebe mebala le dibopeho re le mmoho," Atlehang a kopa.

Atlehang a bala mabitso a mebala ya mela ho tloha hodimo ho ya tlase. "Pinki, pinki, botala ba jwang, botala ba jwang, botala ba lehodimo, pinki, pinki, botala ba jwang, botala ba jwang. Na o bona mo dipaterone di fetohang teng mo mmateng?" Atlehang a botsa mmae.

2

Atlehang a phurulla mmate. Bongata ba dibopeho e ne e le dikgutlonne, le dikwere tse mmalwa. "Ke tseba tsela ya ka pela ya ho fumana hore ke dibopeho tse kae kaofela. Ha o bale sebopeho ka seng, o bala dinomoro tsa dibopeho moleng ka mong fela," Atlehang a realo.

Na o tseba hore Atlehang o bala dibopeho jwang?

Ke dibopeho tse kae kaofela?

3

Atlehang o ne a na le mmate o mong o monyenyane o a neng a o sebedisa ho dula ka ntle.

Mmate ona o ne o na le dikgutlonne fela. Na mmele wa Atlehang o nka boholo bo bokakang ba dikgutlonne? Ke dikgutlonne tse kae tse sa akaretswang?

Na o ka sebedisa tsela ya Atlehang ya ka pela ya ho fumana hore mmate o na le dikgutlonne tse kae kaofela?

4

Ka tsatsi le leng e le hoseng Atlehang a etela nkgonwae. O bone basadi sedibeng ba kgella metsi ka dibakete tseo ba neng ba di rwele dihloohong tsa bona.

O ne a ipotsa hore ekaba bakete ka nngwe e tshetse dilitara tse kae tsa metsi? O nahana eng?

5

Atlehang a fihla ntlong ya nkgonwae. "Kgidi! Wa fihla ke sa ho lebella! Bona basekete e ke e entseng. Na o a e rata?" Nkgono a botsa.

Atlehang a araba a re: "Ke rata mebala, nkgono, empa dibopeho e ka re metsu."

O ka kopisa paterone e mo baseketeng jwang?"

Na dibopeho di tshwana le dikwere kapa dikgutlonne kapa dibopeho tse ding?

6

Ha a le tseleng a kgutlela lapeng, Atlehang a lahlehelwa ke tsela. O ne a sa tsebe hore o hokae, jwale a dula tlasa sefate a phomola.

Atlehang a tadima mahlaku a sisinyeha hodima sefate. Ho ne ho na le dipaterone tsa lesedi le moriti di mo potapotile. E se kgale ke ha a kgalehile ke boroko bo boholo.

7

Ha a phaphama, a ikutlwa a tshohile. O ne a batla ho ba lapeng le mmae, a phomotse mmateng wa hae.

Ka nako eo nonyane e nyenyane e botala ba lehodimo ya tsorama sefateng. "Dumela, o se kgathatsehe. Nka ho thusa ho fihla lapeng. Ntshale morao." Atlehang o ne a maketse ho utlwa nonyane e buang.

8

Atlehang a sala nonyane morao ho fihla mo tsela e arohanang. Tsela ya tswa ditselana tse ding tse pedi, e nngwe e ya ka letsohong le letshehadi e nngwe e ya ka letsohong le letona. Na o tshwanetse ho nka tselana efe? Atlehang a sheba hodimo. Na ho ka etsahalang? Nonyane e ne e tshwere mmate wa hae molomong wa yona!

Ya fofela ka tseleng e ka letsohong le letona ya wisetsa mmate fatshe. Nonyane yona ya fofa ya ikela.

9

Atlehang a sala tselana eo morao. A utlwa setsheho le pina ya batho ba motseng wa habo.

Atlehang o ne a thabetse ho fihla lapeng a sireletsehile.

10

Mmahe Atlehang a mo alla mmate wa hae hore a dule hodima ona mme a mo fa sekotlolwana sa dijo hore a je.

Atlehang a qala ho bala dikwere e le ha a batla ho etsa bonnete ba hore di teng kaofela. Ha a ntse a bala a hlokomela hore sekotwana sa mmate se ileng sa ntshuwa se ile sa boela sa kgutlisetswa.

Ka hoo o ne a sa lore! Nonyana e nyenyane e botala ba lehodimo, e ne e le teng ka nnete!

11
You are free to download, copy, translate or adapt this story and use the illustrations as long as you attribute in the following way:
Letsatsi la Atlehang
Author - Ursula Nafula
Translation - Matilda Dube, Thelma Machoene Tshesane
Illustration - Catherine Groenewald
Language - Sesotho (South Africa)
Level - Read aloud