

"Ke na le bothata bo boholo haholo," ho lla Morena Kgutshwane Tjhitja.
"Ke lahlehetswe ke lenaka la ka," ho bua Morena Kgutshwane leTjhitja.
"Ke tla le fumana lenaka la hao," ho bua Jojo e monyenyane." Ke tla batla ntlong ya Ntate Kgutlonne.
Jojo e monyenyane le Ntate Kgutlonne ba batlile hohle empa ba sitwa ho fumana lenaka leo.
"Tsamaya o yo bona haeba Mama Kgutlotharo ha a na lenaka leo," ho bua Ntate Kgutlonne.
"Jojo e monyenyane a ya ntlong ya hae ho tshela galase ya metsi a batang."
Jojo a tjhakela Dudu Taemane mme a mo kopa hore a tsamaye le yena.
"Ha se hole empa ke tla nka mofaho," ho bua Dudu.
Dudu le Jojo ba ema hore ba je mme ba phomola tlasa thaba ya kgutlotharo.
Ha ba se ba nyolohile halofo ya thaba, ba bona ntlo ya sekgo e sa tlwaelehang.
Jojo le Dudu ba fihla ntlong ya Mme Kgutlotharo.
"Morena ha a siya lenaka la hae mona?" ho bua Mama Kgutlotharo.
Mme Kgutlotharo o ne a tseba hore ba tla fumana lenaka leo kae.
E ne e le ka phirimana ha ba fihla ntlong ya Morena Kgutshwane Tjhitja.
Mme Kgutlotharo a supa Morena. "O rwele lenaka la hao hlohong ya hao."
Morena Kgutshwane le Tjhitja a neha Jojo e Monyenyane lenaka hore a le letse. Ba ne ba thabile.

