

Mmutlanyana o ne a robetse tlasa sefate sa diapole.
Apole e ile ya wa ho tswa lekaleng.
Lentswe la re, "Matha mmutlanyana matha!"
A tsoha ka potlako mme a matha ka lebelo a baleha.
A kopana le kgoho. "Hobaneng o matha?" ha botsa kgoho.
Mmutlanyana a araba, "Ha ke tsebe. Ke utlwile feela ntho e wela fatshe le lentswe le reng, 'Matha mmutlanyana matha!'"
Kgoho o ne a tshohile. O ile a qala ho matha ha a utlwa seo mmutlanyana a se bolelang.
Ba kopana le ntja. Ntja a botsa, "Hobaneng ha le matha?"
Kgoho a re, "Ha ke tsebe. Ke utlwile feela seo mmutlanyana a se boletseng, le yena ha a tsebe. O utlwile ntho e wela fatshe le lentswe le re, 'Matha mmutlanyana matha!'"
Ntja o ne a makaditswe ke seo a neng a sa tswa se utlwa. A qala ho matha le Mmutlanyana le Kgoho.
Ba kopana le pere. Pere a botsa ntja, "Hobaneng ha le matha?"
Ntja a re, "Ha ke tsebe. Ke utlwile feela seo kgoho a se boletseng, le yena ha a tsebe. O utlwile seo mmutlanyana a se boletseng, le yena ha a tsebe. O utlwile ntho e wela fatshe le lentswe le re, 'Matha mmutlanyana matha!'"
Pere a qala ho matha le ba bang.
Ba kopana le tonki. Tonki a botsa, "Hobaneng le matha?"
Pere a araba, "Ha ke tsebe. Ke utlwile feela seo ntja a se boletseng, le yena ha a tsebe. O utlwile seo kgoho a se boletseng mme le yena ha a tsebe. O utlwile feela seo mmutlanyana a se boletseng, le yena ha a tsebe. O utlwile ntho e wela fatshe le lentswe le, 'Matha mmutlanyana matha!'"
Yaba Tonki o qala ho matha le yena.
Ba kopana le kgomo. Kgomo a botsa, "Hobaneng ha le matha?"
Tonki a re, "Ha ke tsebe. Ke utlwile feela se pere a se boletseng, le yena ha a tsebe. O utlwile se ntja a se boletseng, le yena ha a tsebe. O utlwile feela se kgoho a se boletseng, le yena ha a tsebe. O utlwile feela seo mmutlanyana a se boletseng, le yena ha a tsebe. O utlwile ntho e wela fatshe le lentswe le, 'Matha mmutlanya!'"
Kgomo o ne a tshwenyehile mme a qala ho matha le yena.
Ba kopana le katse. "Hobaneng ha le matha?" a botsa.
Kgomo a re, "Ha ke tsebe. Ke utlwile feela seo tonki a se boletseng, mme le yena ha a tsebe. O utlwile feela pere a se boletseng, le yena ha a tsebe. O utlwile seo ntja a se boletseng mme le yena ha a tseba. O utlwile feela seo kgoho a se boletseng mme le yena ha a tsebe. O utlwile feela seo mmutlanyana a se boletseng, le yena ha a tsebe."
Katse a qala ho matha le diphoofolo tse ding.
Ba kopana le moshanyana ya palameng baesekele mme a botsa, "Hobaneng ha le matha?"
Diphoofolo tsa araba, "Ha re tsebe. Re utlwile seo mmutlanyana a se boletseng, le yena ha a tsebe. O utlwile ntho e wela fatshe le lentswe le, 'Matha mmutlanyana matha!'"
Moshanyana a tsheha mme are, "Kea pole e ileng ya wa sefateng ka baka la moya. Ke nna ya itseng, 'Matha mmutlanyana matha!'"

