

Khale khale ho ne ho ena le ngoanana ea monyane ea neng a bitsoa Tselane. Eare ha Ntate oa hae a hlokahala, eaba o se a sala le 'Me oa hae. Eaba ka tsatsi le leng 'Me oa Tselane a joetsa Tselane hore ba tla tlameha ke ho falla moo ba lulang teng.
Tselane eena, o ne a sa batle hore ba falle moo ba neng ba phela teng. O ile a lla haholo ke pelo bohloko. Empa holima hole joalo 'Me oa hae o ne a ts'aba ho sia morali oa hae a le mong hobane ho ne ho na le malimo a neng a lula mahaheng a haufi. Feela Tselane a bokolla hoo 'Me oa hae a ileng a bona ho le molemo hore a sale.
'Me oa Tselane a lumellana le Tselane hore hoseng ho hong le ho hong, o tla mo tlisetsa lijo hobane a ikemiselitse ho sala. A mo laela hore o tla mo binela pina ha a fihla monyako mme Tselane a se bulele mang kapa mang ha so ka a utloa pina.
'Me oa Tselane a be a mo binela pina ho mo utloisa hore na e tsamea joang le hore Tselane a tle a hopole. "Tselane ngoanake, Tselane ngoanake nka nka bohobe o je Tselane ngoanake!" Ho tloha ka leo letsatsi eaba pina ena Tselane o e hopola hantle hore a tle a tsebe ho bulela 'Me oa hae ka mehla ha a mo tlisetsa lijo.
Eaba ka tsatsi le latelang, 'Me oa Tselane a tsohella Tselane hoseng ho mo tlisetsa lijo, fihla a ema monyako a qala ho bina a re, "Tselane ngoanake, Tselane ngoanake nka nka bohobe o je Tselane ngoanake." Aaaah eaba Tselane o notlolla monyako ho bulela 'Me oa hae.
Ha 'Me oa Tselane a ntse a thabetse ho mo bona abile a mo haka, Limo eena o ne a ipatile ka moraho ho lihlahla antse a shebile le ho mamela pina ea 'Me oa Tselane.
Tselane eitse ha tima mabone, a utloa lentsoe le le tenya le tebileng haholo le bina pina ea 'Me oa hae ka ntle, eaba lentsoe lena ha le bina le re: "Tselane ngoanake! Tselane Ngoanake! Nkanka, nkanka bohobe oje, Tselane ngoanake." Tselane eitse ha nyarela ka festere lemoha hore ke Limo hobane le lentsoe la hae le ne le tebile haholo. Tselane a hoeletsa a le ka tlung a re "tloha mona oena Limo, ha u 'Me oa ka, u leka ho nqhekella." Eaba Limo o oa tsamaea.
Limo o ne a phoqehile haholo hobane Tselane a hana ho mo bulela. Hoseng ho-hong le ho-hong, le bosiung bo-bong le bo-bong 'Me oa Tselane o ne a tla le lijo. Hoseng ho-hong le ho-hong le bosiung bo-bong le bo-bong Limo le eena a leka ka hohle ho qhekella Tselane feela a hloleha ka mehla hobane Tselane a le masene.
Limo a lemoha hore lentsoe la hae ke lona le etsang hore Tselane a hanele ho mo bulela. A be a besa mollo oa mashala. Eare ha mollo o hlenne haholo, a be a nka leshala le le chesang ho a feta kaofeela, a le koeny hore a tle a etse lentsoe la hae le be phefa.
Limo a utloa hore lentsoe la hae le se le le phefa eaba o qala ho etsisa 'Me oa Tselane ka ho bina a re. "Tselane ngoanake! Tselane ngoanake! Nkanka, nkanka bohobe o je Tselane ngoanake."
Hoseng ha tsatsi le hlahlamang Limo a etela Tselane. Ha a fihla lemating la ntlong eoo a qala ho bina. Tselane ngoanake! Tselane ngoanake! Nkanka, nkanka bohobe oje! Tselane ngoanake! Tselane ngoanake Tselane ngoanake Nkanka bohobe o je Tselane ngoanake!
Tselane a thaba haholo ho utloa lentsoe lena hobane o ne a nahanne hore ke lentsoe la 'Me oa hae le monate. Eeitse ha a bula lemati a bona hore ke Limo, eaba o leka koala kapele empa Limo o ne a se a kene. Limo ke qhautsa Tselane a mo kenya ka hara khetsi ea hae.
Limo a khutlela ha hae lehaheng a ntse a bina ebile a thabile haholo. Haeba nkaba le bojoala ba setso. Ke ne ketla tsamaea ha monate ka lijo tsaka tsa bosiu. Ebe ke le feng letsatsi le monate? Ho re ealo Limo.
Ka tsatsi le latelang hoseng seng 'Me oa Tselane a fihla a tlile le lijo tsa morali oa hae. A bina pina ea hae ea kamehla, empa eaba Tselane ha a tsoele kantle. A bina pina ena ea hae hape, empa holima hontse hole joalo eaba Tselane ha a hlahe. Ka morao ho re a bine khetlo la boraro, a raea lemati la buleha a fumana Tselane a le sieo ka tlung.
A hla a tseba hore na ho etsahetse eng. Ka pelepele a tibisa menahano. A ritela bojoala kahara mohope o moholo. A bo roala hlohong ea hae eaba o ea lehaheng. Ha a fihla lehaheng a kokota ha Limo. Limo eeitse ha nkhella lephoka la joala a potlakela ho bula.
A re, "Lumela Limo, ke ne ke feta feela ka tsela ka be ke outlua o ntse o bina ha monate. Kea motseng o mong ho ea ithabisa." Eaba Limo o khahloa ke ho noa bojoala boo ba setso boo 'Me oa Tselane a roetseng. Eaba Limo o re ho 'Me oa Tselane, '"kena 'Me o lule fats'e." 'Me oa Tselane eaba o re ho Limo nka bojoala ke bona boo ke neng ke bo ritetse lapeng koana.
Limo ka ho bolaoa ke meharo eaba o ea lololo ka joala boo 'Me oa Tselane a neng a bo riteste. A bo khasipela ba ba ba feela tu. Moo bo felang teng eaba ke ha Limo a oa fat'se a ba a robala ke botaoa.
Eare ha 'Me oa Tselane a utloa hore Limo o oa khona ke boroko, a bula khetsi ea hae moo Tselane a nng a patuoe teng. Eaba Tselane le 'Me oa hae ba matha haholo ho balehela hae lapeng. Ho tloha mono eaba 'Me oa Tselane le Tselane ba khetha ho ea lula motseng o mong o mocha moo Malimo a neng a sa fihlele teng. Ea ba ke tsómo ka mathetho.

