

Ena ke pale ya Mohlokomedi wa diphoofolo le sebaka sa hae sa tlhokomelo ya diphoofolo tsa dikgutsana.
Kgwedi e fetileng, e ne e le e maphatephate sebakeng sa tlhokomelo ya diphoofolo. Nomsa ya selemo se le seng e bile wa pele ho fihla. O ne a le mosesane a bile a saretswe.
Empa, hanghang, Nomsa a ba matla. O ile a qala ho bapala le diphoofolo tse ding.
Tsatsi le leng hona kgweding eo, sefofane sa serwalankgwana se ile sa tsorama moo sebakeng sa tlhokomelo ya diphoofolo.
Ka hara sefofane sa serwalankgwana ho ne ho ena le tlou e nyenyane ka tlasa kobo.
Ndiwa o ne a le ka tlasa kobo. O ne a le dilemo tse hlano. Mohlokomedi wa diphoofolo o ile a fepa Ndiwa ka botlolo.
Bosiung bo bong, bohle ba ile ba tsoswa ke ho fihla ha Ambia.
Ambia o ne a le dikgwedi tse hlano. O ne a fokola ka mora leeto la hae le le lelele.
Ambia ka lebaka la molala wa hae o molelele, Mohlokomedi wa diphoofolo o ile a tshwarella botlolo hodimo ho fepa Ambia.
Kgutsana ya ho qetela ho fihla kgweding eo e bile madinyane a tau a lapileng haholo e leng Kopi, Kepi le Keji.
Mohlokomedi wa diphoofolo le bathusi ba hae ba rata diphoofolo tsohle, hammoho le tsa ditlokotsebe.
Batho ba sebaka sa tlhokomelo ya diphoofolo ba sebetsa ka thata. Ba tshepa hore tsatsi le leng dikgutsana di tla kgona ho itlhokomela. Ebe jwale diphoofolo tsena di ka kgutlela sebakeng se hlaha.

