Ka nako engwe, diphoofolo di ne di rera ho ba le boithabiso. Empa ene ese tsohle tse yang. E ne ele diphoofolo tse nang le manaka fela.
1
Moutlwanyane o ne itokiseditse ho ya boithabisong. Empa leha ho le jwalo wa fumana hore ha e se wa tsohle. E ne e le wa tse nang le manaka fela.
2
Moutlwanyane wa ya kae-kae, wa fumana manaka. Ya a beha ho dima hloho ya ona, ya ya boithabisong.
3
Boithabisong moutlwanyane wa ja, wa nwa, le ho jaefa.
4
Tsena tsa etsa hore o kgathale, wa qetella o robetse letsatsing.
5
Ka nako yeo o robetseng diphoolo tse nang le manaka di ele tsa hlokomela hore ha ese phoofolo yeo di neng di e woka. Ya ba di hula ditsebe tsa ona hore di be kgolo.
6
Ya ba owa baleha. Ke kahona moutlwanyane o nang le ditsebe tse kgolo!
7
You are free to download, copy, translate or adapt this story and use the illustrations as long as you attribute in the following way:
Moutiwanyane o ya tsamaya boithabisong
Author - Mozambican folktale Translation - Motheba Mosothoane Illustration - Hélder de Paz Alexandre Language - Sesotho (South Africa) Level - First sentences