

Kgale, kgale, Modimo wa lehodimo, Sello o ne a beha ditshomo kaofela, dinotleletswe lebokosong la patsi, hodimo lehodimong. Batho fatshe, lefatsheng ba ne ba sena ditshomo tseo ba ka di qoqang, seo se ne se ba utlwisa bohloko. Ba ile ba kopa Kunupi, sekgo sa ho hlalefa hore a ba thuse.
Kunupi o ile a dikolosa kgareng ya hae mme a e palamisa ho fihla lehodimong. Ha a fihla lehodimong o ile a kopa Sello, Modimo wa lehodimo hore a mo nehe ditshomo empa Sello o ile a tsheha, a mmotsa hore ditshomo tseo diatura a ka se kgone ho di lefella.
"Ditshomo tse ke bokae"? Ho botsa Kunupi. Sello a araba ka hore "o tshwanetse ho ntlisetsa diphoofolo tse tharo tse sa tlwaelehang tse bohale." "Nkwe e naleng meno a tjhora ho tshwana le lerumo, tshoswana e hlabang batho le noha e kwenyang batho kaofela." A tsheha haholo a nahana hore ditshomo tsa hae di bolokehile.
Kunupi o ile a iketla a palama fatshe ka kgareng ya hae e mamarelang, a kgutlela lefatsheng. O ile a nahana haholo mme a fumana morero. O ile a tjheka mokoti a ho kwala ka makala le ditshila wa pateha, a tsamaya a ya hae ho lo ja dijo tsa bosio. Hoseng, nkwe e ne e wetse mokoting o a ne a ho tjhekile. Nkwe eo e ne e kwatile e ngwapa mathokong a mokoti empa e ne e sa kgone ho tswa.
" Ere ke ho thuse motswalle wa ka" ho bua Kunupi. "Roballa fatshe ho dithupa tsena mme ke tla ho tosa." Kunupi a rothisa kgareng ya hae e mamarelang ka hohle ho nkwe le dithupa, a mo tosa ho lehodimo ho bontsha Modmo wa lehodimo. Sello a tsheha a re, "Ba kae ba bang ba babedi"?
Kunupi o ile a kgohlela fatshe lefatsheng ho ilo lata phoofolo ya bobedi. A nahana haholo mme a tla ka morero. O ile a nka legapu le tletseng metsi mme a ya sefateng sa ditshoswana. A tshela metsi nyana hodimo hwa sehlahla sa ditshoswana. A be a seha lehlaku ho sefate sa dipanana a e beha hodimo hwa hloho ya hae, ebe a itshela ka metsi a setseng.
A bitsa ditshosana, "Hela ditshoswana. Etlang le tlo bona. Pula e a na. Phakisang le keneng ka hara legapu la ka, le tlo kgona ho oma. Ditshoswana ha di rate ho ba metsi, tsa fofela hara legapu la Kunupi."
Kunupi o ile a phakisa a rothisa kgreng ho boahlamo ba legapu hore ditshoswama di se kgone ho tswa. O ile a dikuka, a di isa lehodiming a bontsha Modimo wa lehodimo. Sello a araba ka hore "en ngwe e kae"? Jwale o ne a sa tshehe.
Kunupi o ile a kguhlela lefatsheng hape. A nahana haholo empa a se kgone ho tla le morero. A botsa mosadi wa hae, o ne a naleng morero o lokileng haholo. Mmoho ba ile ba fumana kutu e ntle, e tletseng, e telele e shebahlang ele ntle le ditlhare tse matla. Ha ba fihla pela nokana moo ho ne ho dula noha teng, ba qala ho ngangisana. "Kuttu ena e telele." Tjhee, ha ho jwalo. Ee, ho jwalo.
Haufinyana noha ya tswa ya botsa hore ngangisano ee ke ya eng. "Ke ne ke ngangisana le mosadi wa ka" ho tjho Kunupi. "Are kutu ena e telele ho o feta empa nna kea hana. "Ee, ke motelele ho e feta ho bua noha." Ke mo telele haholo. Ke noha a kgulu. Beha kutu ya hao pela ho nna o lekantshe."
Anansi a etsa jwalo, a bofa noha ho kutu ka dithlare ho mo etsa a tsepame. Ha a ne a bofehile, Kunupi o ile a isa noha lehodimong.
Sello o ile a dumela hore Kunupi o lefile theko ya hae. A tsamaya a ya ho lebokoso la hae, a bula sekwaelo, a neha Kunupi ditshomo kaofela. Kunupi a kuka ditshomo ka lethabo a theoha le tsona lehodimong. O ile a arola ditshomo le mosadi wa hae le diphoofolo tse ding le batho ba bang. Ditshomo ke tsa ho qoqwa eseng ho behwa mabokosong a patsi.

