

Khale khale ho ne ho ena le likhutsana tse peli, mabitso a bona e le Limane le Limazane.
Ba ne ba phela ha bohloko ka morao hore ba lahleheloe ke batsoali ba bona. Ba lula le Malome oa bona ea neng a tletse ntoa le lehloeo 'me a phelisa ha bohloko. A ba shapa ke thupa e thata 'me a ba fepa lesheleshele ha 'ngoe ka letsatsi. Eaba ka tsatsi le leng ba lumellana ka hore ba tla thoba ba balehe Malome oa bona ea sehloho.
Ba fallela lithabeng moo ba ileng ba fumana lehaha leo ba ka phelang ka hare ho lona, feela ba lula ba tsóile hobane ba otloile hore ho na le malima a phelang tulong eo. Eaba ba fumana lehaha, ba haha monyako ho ikoalla ka hare ho lehaha hore lelimo le se ke la kena. Monyako oa bona o ne o na le masoba a mabeli hore ba tle ba khone ho bona kantle.
Bosiung bo bong eaba Demane oea fihla le hohong hoa ho bolaileng e leng 'Mutlanyana, linonyana le Letsa eare ha atla a ntsa a atemela le haheng moo a phelang teng a bina pina a re: "Demazana, Demazana Ngoana oa 'M'e 'Mpulele lehaheng moo Lefokotsane letsebe hokena Lena le mosobe."
Empa Demazana a fumana hore holula ka leheheng letseare kaofela, hoea bora. Eare ka letsatsi leleng ha abuti oa hae a tsamaile, eaba ngoana enoa o tsoela kantle hosheba fela hore na hontse hoea joang. Eare ha antse a eme kantle joalo a bona khohloana moo a ka bapallang teng, le lifate moo a ka hloang teng. A phuthuloha a thaba haholo. A nahana hore, "Hahona malimo mona. Mohlomong rangoane oaka o ne a re malimo a teng mona e le hobane a ne a batla hontšosa." 4.
Kale hlahlamang letsatsi leo a utloa a photholohile hore a ka besa mollo hore a tsebe hofuthumala. Empa a besetsa kahare ho lehaha a ntse a koetse hore fela a tsebe hoba polokehong, eaba ore, "Kena lebonnete ba hore hakeka besa nama e na hohona bothata, etlaba hantle hore e be hona le lijo."
Eare ha abuti oa hae a khutla hoea hae malulang teng eaba u bina joalo ka mokhoa oa tsela eoo a binang ke eaona. Eaba ha abina o re: "Demazana, Demazana Ngoana oa 'M'e 'Mpulele lehaheng moo Lefokotsane letsebe hokena Lena le mosobe amabeli." Eaba o mobulela lemati a tsebe hokena. Eitse ha a bona hore ho pheuoe nama, eaba Demane o ea botsa, o re, "o entse eng hore o qetella o pheha nama kantle ho mollo?" Eaba o re, 'keile ka ebeha kantle le haheng le tsatsing ho e o misa, 'Demazana a araba ka potlako. Demane o ne a khathetse haholo ko hobesale a pheha khang le ho a rabisana. Eaba ba lula fatse 'moho baja nama ha 'moho.
Katsatsi le hlahlamang eaba o besa mollo, o pheha nama hape. Eare ha aqeta ho pheha a re tuu, autloa lentsoe kantle lentse le bina, le re: "Demazana, Demazana Ngoana oa 'M'e 'Mpulele lehaheng moo Lefokotsane letsebe hokena Lena le mosobe amabeli." Empa lentsoe lena lena lene lesa tšoane le la abuti oa hae. Eaba Demazane o ea botsa o re, "Ke mang eoo? A ee, ha o abuti oaka nna, eaba o khona hoba polokehong ka hara lehaha ka moo."
Kamora nakoana enyane eseng kae eaba outloa motho emong hape antse a bina kantle, antse a re, "Ntumelle ke kene ausi oaka. Demazana, Demazana Ngoana oa 'M'e 'Mpulele lehaheng moo Lefokotsane letsebe hokena Lena le mosobe amabeli." Joele haele lena lentsoe lona le tsoana le la abuti oaka, eaba o bula lemati.
Ho ne ho eme monna oa senetlahali ea mohete o mongata monyekong oa le haha. Oile a tšoara Demazana pele a ka baleha. Demazana o ne a ena le nako feela ea ho nka molora hotsoa mollong o ileng oa besoa pele, monna enoa a ka moakhela lehetleng la hae, ho mojara. Anto tsamaea ka eena. Ha a ntse a le lehetleng la monna enoa, oile a tšela molora mona le mene tseleng moo baneng ba tsamaea teng.
Letsatsing leo Demane o ile a atleha ho fumana ntloana ea linotsi tse neng li tletse ka hare ho eona. O ne a lijarile ka mokotlo o moholoenyane. Ha a fihla lehetleng, o ile a fumana monyako o butsoe le ausi oa hae a le sieo empa oile a bona molora o tšetsoeng fatše tseleng ho tloha lehaheng a nkile tsela e eang patsing. O ile a utloisisa hore na ho etsahetseng 'me a sale molora o neng o tšetsoe tseleng morao, hobona hore na o tla fella kae, hofihlela a bone mollo. Sebekenyane le moo a neng a le hona teng.
Ha a sheba pela mollo, hone ho lutse mo'na ea moholo ea mohete o mongata, 'me pela hae hone ho lutse mokotla a moholo. Demane o ile a ea ho monna enoa 'me ha a fihla hoena, o ile a etsa eka oa hlotsa, eaba o re ho eene, "Ke ea kopa Nt'ate, ha o ka nthusa? Ke nonyetsehile lenqole, joale ke hloka metsi." Monna enoe a araba, a re, "Ke tlalo o batlele metsi, ha fela o ntšepisa hore o keke oa tšoara mokotle oa ka," eaba oa o nka o beha hantle ka ntlong ea hae ea mokhoro.
Itse hoba monna enoa e tsamaea, Demane a khaola lerapo la mokotla hobane mokotleng. Eitse hore a qete ho o khaole hoile hoa tsoa ausi oa hae. Demane o ile a tšela mokotla oa hae o neng o tsetse Linotsi ka mokotlong oa monna enoa, e le hore a se hlokomele hore ha e sa le motho ka mokotlong, o bone ontse o tšetse abuti le ausi. Eaba ba ea ipata ho emela ho bone se tlang hoetsehala.
Ha monna a khutla hoea khaa metsi, Mora le Morali oa hae, le bona ba fihla ka patsi e ngata. Monna enoa o ile a re ho morali oa hae, "Hona le ntho e monate ka mokotleng, kantlong ea rona ea mokhoro. Tsamaea! O tle le lona!" Morali o ile a tsamaea. Ha a fihla a bula mokotla hanyane hore a tsebe hobona hore na ke eng ka hare ho ona. Empa Linotsi tsatsoa ka mokotleng tsa moloma letsoho, eaba ea holeheletse a re, "Eee! Lia loma!" Eaba monna enoa a re ho mora, "Tsamaea o eo mothusa," empa ka mokhotšoanang, le ena tsa molo joalo ka ena.
Monna enoa ka ho koala hohle a re ho bona, "Leseke la nketse sephoqo!" ho ile hoa ea. Ena a kena ka mokhorong eaba a koala monyako oa ntlo, bula mokotla Linotsi tsa tsoa ka mokotleng tse moloma hlooho, nko le mahlo. Nakong engoe o ne a se a sa bone hohang o ile a mathela kantle a lla haholo 'me a lla habohloko.
A matha a bile a ntsa oela a ba e ea kenya hlooho ea hae ka hara letamo moo a bileng a tete-bela ka seretseng. Monna enoa o ile a fetoha kutu ea sefate 'me e ne e le hantle sebakeng sa linotsi ho hahela teng. Ka morao nako e telehele ho e tsahatse tsena tsohle, Deman le Demazane ba ne ba ja hamonate mahe a linotsi hotsoa kutung eoo linotsi lineng li ahetse teng. Ke eona pheletso ea pale ea rona.

