

Pale e na ke pale ea khale ha batho ba phela le liphoofolo. Ka nako e no, batho ba ne ba sena mollo. Bane ba ja lijo li le tala. Tau e le eona fela e nang le mollo.
Batho le liphoofolo tsohle li batla mollo. Batho le liphoofolo tsohle tsaba le kopano. Ba buoa, \"rebatla hopheha lijo. Reka fumana mollo joang hotsoa ho Tau?\"
Hara khitla, ba kala ho bina le ho kokopela. Tsa bitsa liphoofolo tsohle, \"tlohong letlo kokopela le rona, tlohong letlo kokopela le rona.\" Liphoofolo tsohle tsatla hotla kenella pineng.
Tau le eona eatla. E tlile le lithupa tsa eona tsa mollo. Ea kutletsa lithupa tsa eona 'moho. Ea likutletsa, ea likutletsa, ho fihlela hotsoa mosi. Tau ea butsoela lithupa tsena, eaba ho hlaha mollo. E mong le e mong a tla lethupa ea mollo. Eaba hoba le mollo o moholo.
Batho bohle le liphoofolo tsohle li ne li thabile. Batho bohle le liphoofolo tsohle tsa bina le ho kokopela.
Batho le liphoofolo tsa batla ho nka lithupa tsa mollo oa Tau. Ba ba le menahono e metle. Ba bitsa 'Mutlanyana. \"Re ea tseba kaofela hore, o bohlale hape le hore o lebelo. Ha Tau e ntse e bina e kokopela, o nke lithupa tsa mollo oa hae o balehe ka tsona.\"
Joale 'Mutlanyana a nka lithupa tsa mollo oa Tau a baleha ka tsona ka lebelo la hae kaofela. Empa Tau a bona 'Mutlanyana, a molelekisa. Tau a ts'oara 'Mutlanyana, ea khutla le lithupa tsa mollo oa hae.
Hape Tau a bina 'mino oa hae. \"Ha kena mathata. Nka leja kaofela. Nka le jelella le boea. Nkale leja lesena le boea. Ka o fela hoalona le lijo tsaka.\"
Batho eaba bona bantse ba batla lithupa tsa mollo oa Tau. Ba ba le mehano e meng. Ba bitsa Letsa. \"Kaofela hoa rona rea o tseba hore, o ka qhomela holimo le hore o lebelo haholo. Ha Tau e ntse e bina e kokopela, o nke lithupa tsa mollo oa hae o balehe ka tsona.\"
Joale Letsa anka lithupa tsa mollo oa Tau a baleha ka tsona ka lebelo la hae kaofela. \"Empa ha ke utloe maoto a Letsa ha a kokopela.\" Tau ea hetla, ea bona Letsa le matha hara masimo, ea lelekisa ea lets'oara. Tau a ts'oara Letsa ea khutla le lithupa tsa mollo oa hae.
Hape Tau ea bina pina ea eono \"Ha kena mathata. Nka leja kaofela. Nka le jelella le boea. Nkale leja le sena le boea. Ka o fela hoalona le lijo tsaka.\"
Batho eaba bona bantse ba batla lithupa tsa mollo oa Tau. Ba ba le menahano e meng. Ba bitsa Mpshe. \"Rea o tseba kaofela hore o na le matla le maoto a hao a thata. Ha Tau e ntse e bina e kokopela, o nke lithupa tsa mollo oa hae o balehe ka tsona.\"
Joale Mpshe a nka lithupa tsa mollo oa Tau a baleha ka tsona ka lebelo la hae kaofela. Eaba Tau e re, \"ha ke sa utloa lentsoe la Mpshe le bina hamonate hohang. Tau ea hetla, ea bona Mpshe e matha hara masimo.\"
Ka mora nako e teleheeeeeleeeee! Tua a khutla. E ne e khathetse haholo-holo. E ne e koatile haholo-holo. E ne e sena lithupa tsa eona tsa mollo. Msphe e ne e le hole-hole le eona, e ne seile haholo.
Hape Tau ea buoa le batho bohle le liphoofolo tsohle. Eare, \"hotloha ka lena letsatsi ho fihleletse, letlameha le ntlhokomele.\" \"Ke tla letsoma, le ho lelekisa, hape hakele ts'oara, ketla leja.\"
Joale keka hona batho banang le mollo. Keka hona Tau, e leng mohlorisi oa batho le liphoofolo.

