Ntate Meharo o Meharo
Mutugi Kamundi
Zablon Alex Nguku

Khalekhale motseng o bitosoang Thoteng, hone ho lula monna ea bitsoang Meharo. O ne a rata hoja nama haholo.

1

Kaleleng la matsatsi, morena oa Thoteng a mema batho bohle ba motse hotla lechatong la mora oa hae.

2

Ntate Meharo a be a utloa hore hona le mokete o mong hape Makhoseng. Mhhh! Mekete e 'meli ka letsatsi le ts'oanang? O ea ipotsa.

3

Ntate Meharo a re, "ketlameha hoea meketeng ena kaofela e le 'meli. Pele ketla qala hoea Makhoseng, e be ke khutlela Thoteng."

4

Ntate Meharo a tsoha hoseng ka malingoa-lingoane a ea Makhoseng. Ha a fihla Makhoseng a fumana mokete o so qaloe. A re, "honajoale ke khutlela morao Thoteng, ketla khutlela Makhoseng ha 'mamorao."

5

Ntate Meharo a khutlela morao Thoteng. O ne a ts'epa hore otla fumana nama e se e butsuoe. Haajoale o ne a se a lapile haholo. Empa ha a fihla, a be a bona bo 'M'e le bo Ntate bantse ba lukisetsa hotla ja lijo.

6

Ntate Meharo a be a khetha ho khutlela morao Makhoseng. A be a re, kesiile ba phehile mane, li tlamehile li se li butsuoe joale.

7

Ha Ntate Meharo a fihla Makhoseng, a be a fumana batho base ba qetile hoja. Baeti bantse ba fana ka limpho. Empa Ntate Meharo o ne a sa rate ho fana ka limpho, o ne a rata hoja fela.

8

Ntate Meharo o ne a phoqehile haholo hobane o ne a sa fumana lijo. A be a ikhethela ho khutlela morao Thoteng. O ne a satsebe ho tsamaea ka pele, hobane o ne a khathetse hape a se a lapile haholo.

9

Ha a fihla Thoteng, a bona batho ba kokopela e bile ba bina. Bane ba se ba jele lijo tsohle kaofela.

10

Ha a utloa hore lijo li felile, Ntate Meharo a oela fats'e. Haho mokete o lemong a fumaneng lijo ho ona. O ile a fumana motohonyana ka kopinyana fela.

11

O ile a khutlela hae lapeng a koatile e bile a lapile haholo, a tsamaea butle.

12
You are free to download, copy, translate or adapt this story and use the illustrations as long as you attribute in the following way:
Ntate Meharo o Meharo
Author - Mutugi Kamundi
Translation - Khothatso Ranoosi, Marion Drew
Illustration - Zablon Alex Nguku
Language - Sesotho (Lesotho)
Level - First paragraphs