

Khale khale hone ho ena le monna e mong ea neng a na le lintho tsengata – o ne ana le sebaka se lekaneng bakeng sa hoba sehoai. Ana le likhomo, linku le lipoli. Empa itse ha antse, o ile a koata, hobane ntho engoe ile ea hana hohlaha. O ne a sena mosali.
Ka tsatsi leleng o ne eme tlasa sefate, o ile a ba le menahano e mette. Ha eba ane asa fumana mosali, mohlomong one aka etsa mosali e mong.
Joale oile a qala ho etsa mosali e mong a motle, ka leqala la sefate le teileng. Eitse ha qeta ho etsang mosali, oile a motsoara mahlong, abelia. Ha a qeta a mobutsoela ka moya oa hae hantle, oile a phela.
Ene ele mosali oa nnete oa motle eo aso mobone. Oile a khomama ka pela hae, a mo kopa hore e be mosali oa hae.
Amofa thithana emebalabala, lifaha le se khabiso sa hloohong, lintho tseo ene ele tsona pontse ea hore tseo lipakang kapa hore o se anyetsoe hape anka seretse le joang tseo lileng pela kutu ea sefat, eaba o haha ntlo. Monna enoa a re, "Ke kopa hore a ntsepise ntho e lengoe fela." O se ke be oa joetsa motho ofe kapa ofe hore na o tsoa kae.
Empa pele homong, monna e mong ea monyane ea tsoang motseng o mong eoo aneng e le mohaisane, oile a qoka le bona. "Fela hotlile joang o le moholo hakale hore o ka fumana mosali ea monyane ea motle hokale?" Ba ile bakheta ho moutsoa ho moisa ma ha bona.
Monna eo ea moholo eaneng a entse mosali eoo, oile a utloa bohloko. O ne a sa utloe hore na a ka phela joang kantle ho ena. Empa oile a nahana hore, "Mohlomong ha a ka ba le hohong hotsoang ho ena ke ne ke sena ho koata?" Joale eo ea ba o roma maeba a hae hoea mobatla, li mobinele ebe litla le hohong hotsoang ho ena.
Eitse ha linonyana tsena li mofumana tsa mobinela mmino oa linonyana ka puo ea tsona tsare: Mosali oa sefate Mosali oa sefate O motle haholo ho feta basali babang Monna oa hao ore romelle tse ho oena hotlo lata thithana ea hao.
Oile a fa linonyana tseo thithana eeno, tsa fofa ka eona hoea maraleng, tsa tšela noka ho khutlela ho monna oa hae. Eitse ha li fihla tsa fa monna eeno thithana a e beha sefubeng sa hae a utloa a khotsofala.
Empa holima hontse hole joalo o ne antse a batla mosali oa hae. Monna enoa a boela a romela maeba a na a hae hoea mobinela hape. Mosali oa sefate Mosali oa sefate O motle haholo ho feta tsohle Monna oa hao oile a re romella hore re khutle le sekhabiso sa hloohong sa hao. Linonyana tsa khutla lifofa linkile se khabiso sa hloohong, hoea ho monna eeno.
Oile anka se khabiso sena sa hlooho. Empa o ne antse a batla mosali oa hae. A bitsa maeba a hae hape. A roma hape are tsamaeang le ee mono. Ha lefihla le mobinele: Mosali oa sefate Mosali oa sefate O motle haholo ho feta tsohle Monna oa hao oile a re romella hotla o lata.
Linonyana tsena liile tsa khutlela hoena khetlo la boraro. Eitse ha lifihla tsa lula holima mahetle a hae. Tsa bina nonyana, engoe le engoe ea tsomula leihlo la hae. Hang hang a fetoha sefate. Matsoho le maoto a hae tsa oela fatše lehloho ea hae ea oa.
Monna oa hae ea mopitikisa ho moisa nokeng. A moemisa ka methapo ka hara noka. Eba o mela makhasi eaba sefate hape.
Ha moea o ba teng, makhasi aoo ane alla joalo ka mosali ea batlang monna oa hae.

