Se hokae sekepe sa rona sa mapirate?
Lilly Kalibuku

Ena ke pale ea bajaki ba babeli ba sebete,
barab'abo rona ba likepe ba nang le lipelo tse tsephahalang

1

Bashebelli ba leoatle Tumi le Tumelo ba bahale,
Ba ile ba nkeloa ke sefefo ha maqhubu a qala ho qala.

2

Ba lora ka Captian ntate; le naha ea habo bona ha ba ntse ba khomaretse lehlabathe le putsoa la khauta

Thusa bajaki! Tlatsa lekhalo:
'Ho khutlela hae, ba hloka m_p.'

"Khwaka! Khwaka! Ho hoeletsa lephoofo,
A tsoere 'mapa oa sehlekehleke."

3

X e tsoaea litsela ka ho le letsehali le ka ho le letona,
na u ka latela tsela pele ho bosiu bona?

Tiro: latela mola mapeng kapa o potoloha X

4

Ba tsamaea lehlakeng la moru,
ba bona ditsoene tse bokellang ka bongata
"Sheba Tumi," Tumelo a re, " ke pono e makatsang!",
Ba bona diqanqane li phaphama holimo haholo.

5

Ba latela mehlala
ba tsamaea ka tsela e pota- potang
Ba fumana sekepe le noha ea bitsoang Sam
E re "Fumanang lintho tse khubelu, ke
morero oo!"

6

Maqhubu a otla ka Matla
'Me ka potlako
Diha li hlaha,
Bala ka potlako, u se ke ua tsaba!

Tiro: Tlahela diha tse ntse di sesa.

7

Sehoai se phahamisetsa matsoho a sona a robeli hodimo,
'Me sa thusa sekepe se senyenyane ho fofa.

"Rea leboha, Mong Octopus!" ba tsosa matsoho ba leboha.

8

Empa ho khelosa le ho phunya sekepe se theoha,
"Re thuse, metsoalle!" ba hoeletsa ka potlako.

Dophina li phahamisetsa maqhubu ka makhuru a khanyang, li ba isa lapeng moo mokete a qalang.

9

Ntate Captian o ile a bina ka Thabo,
"Bana ba ka ba sebete ebile ha ba tsabe!"

10
You are free to download, copy, translate or adapt this story and use the illustrations as long as you attribute in the following way:
Se hokae sekepe sa rona sa mapirate?
Author - Lilly Kalibuku
Illustration -
Language - Sesotho (South Africa)
Level - First paragraphs