Nkgono Nolwazi
Sikhumbuzo Sibanda
Sikhumbuzo Sibanda

Nkgono Nolwazi a dula tlasa sefate kahare ho jarete ya hae. Ntando le Elihle ba mo mathela ka pososelo. A bula matsoho hoba amohela.
"Le amotswe dinaletsana tsaka," a realo a ba phaphatha hloohong.
Moya wa foka butle ba emetse dipale nkgono

1

A bososela, a bula matsoho a hae haholo a re, "le amohetswe bana baka." A hweshetsa tlhohonolofatso a ba phaphatha hloohong." Le hole le tiye le be mosa". Moya wa foka butle. "Tsatsing lena," a realo, "re tlo etsa ditoro di fetohe nnete".

2

Nkgono Nolwazi a tlisa papa le setjhu sa kgoho tse futhumetseng. Nolwazi le Elihle ba dula tafoleng. "Rea leboha nkgono", ba buela hong. "Jahang bana baka," a bososela. "Dijo di o fa matla a ho hodisa ditoro".
Ba ja ba thabile,mpa tsa tlala

3

Kamora lantjhe nkgono a dula le bona tlasa sefate." Hosane re tlo lema ntho e kgethehileng," a realo. "Palesa?" ho botsa Ntando. "Toro," nkgono a araba. "Jwang?" ho botsa Elihle. Ka hoba mosa,ho sebetsa ka thata leho dumela. Nkgono a araba.

4

Letsatsi le latelang Ntando le Elihle ba mathela sefateng ho ilo bapala. Ba se hlwella hodimo. "O batla hoba eng ha o hola?" Ho botsa Ntando."Ke batla hoba titjhere jwaloka nkgono." Elihle a realo a bososela. Ntando:"Ke batla hoba ngaka!"

5

Kamora ho bapala Ntando le Elihle ba dula mmoho hodima khautjhe,dihlooho tsa bona di tshehetsane. Bane ba kgathaditswe ke papadi empa dikelello tsa bona di kgotshe ditoro. "Ekare kea bona ditoro tsa rona ha di phethahala!" ho bua Elihle.

6

Letsatsi le latelang nkgono a ya mmarakeng le bona."Ditoro di hloka boikwetliso, ho realo nkgono. Nkgono o ile a ba ruta ho bua le morekisi."Titjhere ya mamela, ngaka e hlalosa dintho hantle". Ntando a bala tjhelete, Elihle a nka ditholwana

7

Nako ya ho ya hae ya fihla. Ba haka nkgono. "Re tla o hopola nkgono", ba realo.
"Ke tlo le hopola le nna,"nkgono a bososela."Hopola hore ditoro tsa hao di ho wena." Haba tsamaya, nkgono a utlwa a le motlotlo hoba le bona,ditoro dia hola.

8
You are free to download, copy, translate or adapt this story and use the illustrations as long as you attribute in the following way:
Nkgono Nolwazi
Author - Sikhumbuzo Sibanda
Illustration - Sikhumbuzo Sibanda
Language - Sesotho (South Africa)
Level - First paragraphs