

Ho kile ha eba le lelapa le neng le dula ka thabo le kgotso ha mmoho motseng o bitswang Dimpeng.
Bane ba ena le ngwana wa ngwanana a bitswang Dimpho. Ene ele ngwana wa bona ale mong fela wa ngwanana hape bane bamo rata.
Ditshwene di Ile tsa fihla habo tsa mo utswa antse a robetse.
Mme wa hae one a utlwile bohloko yaba o qala ho lla.
O Ile a leba moreneng ho mmolella hore ho etsahetseng.
Morena oile a halefa haholo mme a romela banna hoya Sheba di tshwene tse utswitseng ngwanana naheng.
Banna eitse haba fihla yaba ba qalella ho Sheba ngwanana.
Banna baile ba sheba empa ba seke ba fumana letho.
Baile ba kgutle ho morena ba ka maswabi but morena one a thabile are ba itekile ho fumana ngwanana.
Morena o Ile a bitsa monna a bitswang Motsamai enele setsumi, one a bitseditswe ho thusa ho sheba ngwanana. Morena oile a mofa lenaka le etsang lerata le bitswang zimpu.Morena one a sebedisa lenaka leo ho bitsa dikopano.
Ha Motsamai haa fihla naheng o Ile a fumana diphoofolo tse ngata empa one asena letswalo honane enele monna a senang letswalo.
E itse hantse a sheba jwalo a bona moo ditshwene di hatileng teng fatshe pela lehaha. O Ile a thaba haholo ha elellwa hore otla thola ngwanana.
O ile a sala morao maoto ao hoya lehaheng yaba ontsha lenaka la zimpu ale letsa.One a tseba hore ditshwene di hloile lerata.
Ka bomadimabe ditshwene hadiyatswa ka lehaheng.Pelo ya hae e ya otla haholo mme molomo wa hae wa omella.
Letsatsi le latelang atla ka leqheka la ho emela bosiu mme a letsa lenaka la zimpu hape ke mmo ditshwene di ileng tsa tswa ka lehaheng ba tshwere ngwanana.
Motsamai wa setsumi o ile a bososela , one a tseba hore o thabisitse morena le lelapa la habo Dimpho ka ho mofumana.O ile a kopanywa le lelapa la habo.

