

Ke motseng wa Senyamo, Qwaqwa moo re fumanang ngwanana ya bitswang Kabo. Ngwanana enwa o dula le Mme wa hae Mmasehlako ka ha ntate wa hae o ne a se a ile masihlwaneng.
Batho bana ba phela ka thata ka ha Mme Masehlako o ne a sa sebetse.
Sekolong o ne a kena le bana ba malapa a batlang a hlaile ka mahetla. E ne e re ha ele nako ya ho ja ebe jwale bana bana ba dula tlasa sefate ba qoqe ka maphelo a bona a monate hae.
Sena sene se etsa Kabo a utlwe bohloko haholo.
Ka tsatsi le leng yaba titjhere Mofokeng o fa bana mosebetsi wa ho ngola moqoqo ka ho etela dibaka tse hole, le ka moo ho ileng hwa eba monate ka teng sebakeng seo.
Kabo o ile a tsieheleha ka ha a so ka a etela kae kapa kae.
O robetse jwalo a ipotsa hore ebe ho kaba jwang ha a ka mela mapheo mme a fofela dibakeng tse hole moo a so kang a fihla teng.
A qapa pina ena: "Mapheo mapheo o'kae?" "Mapheo mapheo tlo nkise hole!" "Mapheo mapheo nkise dibakeng tse hole!"
Hoseng ha a tsoha o ne a thabisitswe ke toro eo a ileng a e lora, moo a ileng a lora a fihlile sebakeng se hole.
O ile a thaba ka ha a ile a fihla sebakeng seo le ha e se ka nama empa ka mehopolo.
Bosiu ba tsatsi leo o ile a qalella a bina pele a robala empa tjhe ha a kaba a lora letho. O ile a tsoha a swabile pelo ya hae ele bohloko.
Ha a ka ba a feela matla ka ha o ne a re ka mehla, "Mamello e tswala katleho."
Tsatsi le latelang o ile a hla a kgaleha ha a kena dikobong feela. Mesong ka hora ya boraro.
Kabo o ile a tsoswa ke lentswe le leholo le reng, "Ngwananaka, a ko bine pina yane e monate."
Yaba Kabo o bina ka lentswe la hae le monate.
E itse ha a re phapha a iphumana a se a metse mapheo a matle a masweu? Yaba lentswe le re, "Fofa, mme o ye hohle moo o lakatsang ho ya teng."
Kabo a tswela ka ntle, a kopana le baloi ba fofa hohle mona. A ipotsa hore ebe e se e le moloi na.
Tsatsing leo o ile a ya sekolong ka mehopolo e farasang, empa a ipolella hore mantsibuya o tla kopa Ntate lentswe hore o kopa ho fofela dibakeng tse hole e le motsheare.
Ka ha e ne e le Labohlano, titjhere Mofokeng a re ho bana ka Mantaha ho tlo ba le tlhodisano ya ho ngola moqoqo ka sehlooho: Ho etela dibakeng tse hole.
Bana bohle ba ne ba thabile empa Kabo yena o ne a kgathatsehile.
Kabo ha a fihla hae o ile a phethela mme wa hae ditaba tsena tsa tlhodisano. Sena se ile sa tshwenya Mmasehlako ka ha ba soka ba etela kae kapa kae.
Bosiu o ile a rapela hore a be le tjhelete ha a utlwa moradi wa hae a bina pina ya hae.
Mesong ka 03:00, Ntate lentswe o ile a fihla a kopa Kabo a bine jwalo ka mehla. Yaba Kabo o kopa Ntate lentswe hore o kopa ho fofela dibakeng tse hole empa ele motsheare.
Ntate lentswe o ile a mmolella hore ba kopane nokeng ka 12:00.
Kabo o ile a robala a thabile haholo a tsohaha hoseng ho hlwekisa le ho pheha. E itse ka 11:30 ke ha a kopa mme wa hae ho lo bapala le metswalle ya hae.
O ile a dumellwa ka ha o ne a se a qetile mosebetsi wa hae wa letsatsi.
Kabo ha a fihla nokeng o ile a bina pina ya hae mme Ntate lentswe o ile a hlaha. A fa Kabo mokotla tletseng tjhelete ya kgauta.
Kabo o ile a kopa ho fofela mawatleng moo ho leng monate. Hang hang a mela mapheo mme a fofela hodimo.
Ha a fihla sebakeng seo o ile a bona lewatle le leholo, mezwinki le dipapadi tse fapafapaneng.
Yaba o qalella ho sesa, a bapala dipapadi tsohle tse moo a ba a lo reka dijo tse monate.
E ne e ka letsatsi lena le ka se fele.
Kabo ha a fihla hae o ne a thabile haholo mme a qalella ho ngola moqoqo wa hae. Tsohle di ile tsa itsamaela hantle ho ntse ho tla mehopolo ya moo a tswang teng.
O ne a tatetse ho fihla sekolong a nehelane ka moqoqo wa hae.
La fihla letsatsi la Mantaha, bana ba nehela titjhere Mofokeng meqoqo ya bona. Matitjhere a nka meqoqo ho lo e tshwaya.
Bana ba ya sebaeng ho phetha meqoqo ya bona. Yaba batho bohle ba hapuwe ke moqoqo wa Kabo. Mme e ile ya ba yena mohlodi.
Mmasehlako o ile a thaba haholo ka dimpho tse fumanweng ke moradi wa hae. A leboha Modimo ka ho arabela thapelo tsa hae.
Ba ile ba phela ha monate ka baka la Mapheo a kgauta.

