

Kgale kgale motseng wa Thokoza. Ho ne ho dula morena Mbambe eo a neng a lokile, a na le kamohelo le kutlwelo bohloko. Motse wa hae o ne o takuwe ka bokgabane ke mebala eo e neng e sebetsa ka thata.
Ka Selemo motse o ne o ena le dipalesa tse ntle, bojwang bo botala le difate tse kgabileng ka dipalesa.
Lehlabula letsatsi le ne le tjhaba ka bosehla mahodimong a bolou. Difate tse tala di ne di fana ka moriti ho baahi ba motse hore ba phole.
Mariha bojwang le mahlaku di ne di le sootho. Le difate tse feela di ne di ntse di boheha.
Ka Hwetla, baahi ba motse ba ne ba kotula meroho e metala, dihwete tse mmala wa lamunu le diapole tse kgubedu.
Ho ne ho le monate motseng wa Thokoza. Bohle ba ne ba tsota mosebetsi o neng o etswa ke mebala.
Mebala e ne e fanana sebaka sa ho ipabola ka dihla tse fapaneng le tshebediso ya yona e fapaneng. Empa, mmala o moputswa o ne o le kgopo ka hare ho mebala yohle. Mme o sa tshware mebala e meng hantle.
Bosiung bo bong ha mebala e itukisetsa ho phomola. Yaba mmala o moputswa ka makoko o bolela ka moo ona o leng betere ho feta mebala yohle mme ha o hloke mebala e meng ho ka kgabisa motse. Wa ba wa labalabela hore mebala e meng e ka nyamela.
Mebala e meng e ne e utlwile bohloko haholo mme ya nka qeto ya ho nyonyoba ho tswa ka tlung ho ilo ipata lehaheng la Mboza. Mmala o moputswa o ile wa sala o ntse o ile le sephume sa boroko.
Tsatsi le latelang ha batho bohle ba tsoha dintho tsohle ke ha di le PUTSWA! "Ah! Ho etsahalang?!" Ho lla mofumahadi. "Mu! Re ka seje jwang bo boputswa," ho tletleba dikgomo. "Tswi! Re ka se fofe lehodimong le le putswa!" Ho rialo dinoyana.
Baahi, diphoofolo le dinonyana ba ile ba bokana ha morena ho lo tletleba le ho thusahala. Morena o ne a qakehile ke boemo bona. A ipotsa hobaneng mmala o moputswa e le ona feela o setseng. Mmala o moputswa o ile wa lebellwa ho itlhalosa.
Mmala o moputswa o thothomela le ho lla, "Bosiu ke ile ka re ho mebala ke betere ho e feta ka ba ka lakatsa hore e ka nyamela." "Hoseng ke ha ke tsoha ke le mong, ha ke tsebe e ile kae," ho hlalosa mmala o moputswa o iphumula dikeledi.
Morena o ile a halefa haholo mme a bile a batla ho fa mmala o moputswa kotlo a o kwalle tjhankaneng. Sephoko se ile sa hlalosetsa morena hore maobane busiu se bone mebala e kena ka lehaheng la Mboza.
Morena le banna ba hae ba ile ba hwanta ho leba lehaheng ho lo kopa mebala hore e kgutle. O ile a ba a e tshepisa bodulo boreneng.
Motse wa Thokoza oile wa kgaba hape. Batho bohle ba ile ba ja ba nyakalla ha morena.

