Le nna ke lehakwe
Mapaseka Maria Mokoena
Mapaseka Maria Mokoena

Lefatsheng re fapane haholo. Ba bang ba bohlale ha ba bang ba na le bofokodi. Ba bang ba ba tenya, ha ba bang ba le ba sesanyane, jwalojwalo.

1

Lebitso la ka ke Tshepo, ke na le bofokodi thutong. Bana ba bang ba ya ntsheha ka phaposing ya borutelo.

2

Talente ya ka ke ho thusa ka mesebetsi ya matsoho, haholo ka phaposing ya ho phehela

3

Mosebetsi wa ka sekolong ke ho ngwathela bana ka phaposing ya ka.

4

Ke netefatsa hore disebediswa tsohle di hlwekile ka nako tsohle.

5

Ha ke lofile sekolong, bana ba phaposi ya ka ba a sokola. Seo se mpontsha hore ke bohlokwa le nna.

6

Ke ithuta ka tsa dijo sekolong, ho ntlafatsa talente ya ka. Tabatabelo ya pelo ya ka, ke hore ke sebetse hoteleng, e kgolo, e tsebahalang.

7

Bohle re bohlokwa haholo bophelong,re hloka tshehetso ho fihlella ditabtabelo tsa dipelo tsa rona. Le nna ke lehakwe.

8
You are free to download, copy, translate or adapt this story and use the illustrations as long as you attribute in the following way:
Le nna ke lehakwe
Author - Mapaseka Maria Mokoena
Illustration - Mapaseka Maria Mokoena
Language - Sesotho (South Africa)
Level - First paragraphs