

E ne e le ka la leshome, kgwedi e le ya Tshitwe ka selemo sa 2021. Letsatsi e ne e le la Labohlano. Ke ne ke keteka letsatsi la ka la tswalo lekgetlo la pele bophelong ba ka.
Ke ne ke qeta dilemo tse tsheletseng. Ke ne ke thabile haholo letsatsing leo. Ke ne ke apere mose wa ka o mokgubedu.
Metswalle le ba lelapa ba ile ba mpinela pina ya letsatsi la tswalo. Ha ba qeta ho bina ke ile ka tima dikerese tse tsheletseng.
Ke ile ka sehela metswalle ya ka kuku ya ka ya letsatsi la tswalo. E ne e le monate haholo. Ke ne ke e reketswe ke mme wa ka.
Metswalle le ba leloko bane ba nreketse dimpho tsa letsatsi la tswalo, hara tsona ke ne ke thabetse mpho ya bolo hobane ke rata ho bapala bolo ya matsoho.
Ka morao hore re je le ho amohela dimpho re ile ra shuta dinepe le metswalle. Modiehi le Tshidi le bona ba ne ba le teng moketeng wa letsatsi la ka la tswalo. Ke metswalle ya ka ya sekolong.
Letsatsi la ka la tswalo le bile monate haholo, hobane ke ne ke qala ho ba le mokete wa letsatsi la tswalo bophelong ba ka. Ke ne ke thabile haholo. Ha ke sa tla le lebala letsatsi leo.... Ka la leshome Tshitwe 2021.

