Monnamoholo Moorosi o rata ho ema hara motse a phete dipale. O rata ho pheta dipale ka mebala.
1
Maoba o ne a pheta pale ya noha e mebalabala.
2
Maobane o ne a pheta pale ya diphoofolo tse mebalabala.
3
Kajeno o pheta pale ya maru a mebalabala.
4
Pula e qeta ho na mme Mooki o bona lebanta le mebalabala marung. O maketse!
5
Baahi le bona ba maketse! Bohle ba nahana hore ke lebanta la Monnamoholo Moorosi.
6
Mme wa Mooki o mmalla buka e buang ka diphoofolo. Sehloho sa buka ena ke Mookodi marung.
7
Jwale Mooki o se a tseba hore lebanta la Monnamoholo Moorosi ke MOOKODI!
8
You are free to download, copy, translate or adapt this story and use the illustrations as long as you attribute in the following way:
Lebanta la Monnamoholo Moorosi
Author - Masechaba Woza Illustration - Offei Tettey Eugene, Leo Daly, Magriet Brink, Wiehan de Jager Language - Sesotho (South Africa) Level - First paragraphs