E kae kgaitsediaka?
Masechaba Woza
Masechaba Woza

E ne e le ka Labone la 13 Motsheanong 2010 ha mme a ne a mpolella hore kgaetsediaka, Thando, o ile lehodimong. Thando o ne a le dilemo tse pedi mme nna ke ne ke le tse hlano. Ke ne ke sa utlwisise seo mme a neng a se bolela.

1

Ka Moqebelo wa la 22 Motsheanong 2010 ke ile ka bona ho hlongwa tente. Ntate o ile a kena ka tenteng a tshwere lebokose le letle, le nang le mehele ya kgauta. Batho ba ne ba lla. Ba bang ba ne ba bina difela. Ke ne ke sa utlwisise.

2

Mme o ne a apere diaparo tse ntsho, a lla habohloko. Baholwane ba ka, Katiso le Tshepiso, le bona ba ne ba lla. Le nna ke ile ka lla ha ke bona seo. Ho ne ho le bohloko feela ke ne ke ntse ke sa utlwisise.

3

Kamora hore moruti a rapele re ile ra kena dikoloing mme tsa etsa mokoloko. Re ile ra fihla motseng o neng o tletse majwe a matle, a ngotsweng. Ntate o ile a nka lebokose hape a le beha pela mokoti o tebileng. Ho ne ho le thata ho utlwisisa

4

Moruti a boela a rapela. Kamoramoo ke ile ka bona lebokose le theohela tlase mokoting ka thapo. Kgetlong lena ke ile ka bona ntate le yena a lla. Ke ile ka mathela ho yena ke ntse ke lla. Ke ne ke ntse ke sa utlwisise.

5

Ho ile ha feta matsatsi, dibeke le dilemo ke sa bone kgaitsediaka, Thando. Ke ne ke ipotsa hore na o kgutla neng lehodimong. Ka nako tse ding ke ne ke tswela ka ntle, ke shebe hodimo ebe ke a lla. Ke ne ke ntse ke sa utlwisise.

6

Ka tsatsi le leng ha ke ntse ke bapala le metswalle ya ka ke ile ka akgeha. Ha ke phaphama ka ipona ke le sepetlele. Ke ne ke thothomela feela ke sa hatsele. Le jwale ke ne ke so ka ke utlwisisa.

7

Eitse ha ke hlaphohelwa ka ikutlwa ke re ho mme, “O kae Thando?”. Mme a araba ka mahlo a tletseng dikgapha a re, “ O hlokahetse”.Ke ile ka qala ho utlwisisa hore ho bolelwang ha ho thwe “O ile lehodimong”.

8
You are free to download, copy, translate or adapt this story and use the illustrations as long as you attribute in the following way:
E kae kgaitsediaka?
Author - Masechaba Woza
Illustration - Masechaba Woza, Barbara Olsen, Luis Quintero, Ivan Samkov, Kat Smoth, Cottonbro Cottonbro, Anastasia Shuraeva
Language - Sesotho (South Africa)
Level - First paragraphs