

Ka letsatsi le leng ho ne ho nale ngwanana, e le Sibo ka lebitso. O ne a dula Foxville le mme wa hae mme a sena metswalle.
Batho ba ne ba sa rate Sibo hobane o ne a nale bokgoni ba ho bina ha monate haholo. Ho ebileng dinonyana di ne di kgona ho bina le ena e ka manyeloi.
Sibo o ne a rata ho tsoha hoseng a bine ka lentswe la hae le utlwahalang e ka lenyoloi a morao ho ntlo ya haabo. Ntja ya hae e ne e thabela seo. O ne a rata le ho binela mme wa hae matsatsing a lethabo le ha a hlomohile.
Hoseng ho hong Sibo o ile a tsoha ka pina jwalo ka mehla mme a elelwa hore mme wa hae ha a tle ho tla bina le ena. O ile a kgutlela ka tlung, ka maswabi a fumana hore mme wa hae o kula haholo.
Yaba Sibo o tswa a matha ka lebelo a hweletsa ho kopa thuso ho mme Tseko. Mme Tseko a mo araba ka hore a tsamaye ka lerata leo la hae. Sibo a utlwa bohloko mme a lla.
A tswelapele a ka ho batla thuso. Yaba o kopana le ntate Sithole, Sibo a re "ntate Sithole ke kopa thuso hle mme wa kula." Ntate Sithole le ena a mo leleka ka bohale.
Sibo o ile hae a hloname. Tseleng ha a kgutla a utlwa nonyana e bina e meng ya melodi ya hae. Empa ho sena moo a e bonang teng.
A sa la ka ho makala. Ha a se a le haufinyana le sefate se seholo sa di thoalana yaba molodi oa eketseha, o utlwahala hantle! Sibo a ema tlasa sefate seo.
Ha utlwahala lentswe le monate haholo le bua le Sibo le re " Sibo ngwanaka o se ke wa qeaqea ha o mong, tsohle tseo o di labalabela o tla di fumana."
Sibo a ipotsa ka ho makala hore ebe ke mang ya ntse bua le ena. Hanghang, a bona nonyana e ntle ka ho fetisisa ho tse tlwaelehileng e fofela fatshe ho tla dula lehetleng la hae.
Sibo yaba wa bososela a botsa nonyana e mehlolo hobane e bina e meng ya pina tsa hae. Nonyana ya araba ka hore "re metswalle mme ke mona ka ho o thusa, jwale hula le lesiba le leng o bue ditakatso tse pelong ya hao."
Sibo a hula lesiba le leng ka hlokomelo. A kwala mahlo a bua mantswe ana "ke lakatsa ho bona batho ba utlwana le rona, ho be le kgotso re etseng mmino o monate ka thabo le nyakallo."
Nonyana e mehlolo ya fofela hodimo ya etsa mookodi le dinaledi tse ntle. Ya re ho Sibo "Tsamaya o ye hae Sibo, dintho tsohle di lokile."
Sibo matha ka lebelo ebile a thabile haholo. Ha fitlha lapeng a fumana mme wa hae le ba ha Sithole ba bina mmoho. Ho ne lla le dikupu mme Tseko ena a letsa phala.
Yaba Sibo o mema bohle ba fetang ho tla moketeng wa haabo.
Sibo a bina ka lentswe la hae le monate mmoho le bohle. Nonyana ya mehlolo le yona e ne e le teng moketeng. Yaba batho kaofela ba thabile e le medidietsane.

