

Ka tsatsi le leng ke ne ke dutse ka phaposing sekolong, ka sheba ka fesetere mme ka bona ntsu e kgolo e sootho e feta e fofa.
Mapheo a yona a ne a phukalletse empa a sa phuphusele.
Hona ho ile ha nketsa hore ke be le kakamelo ka ha ho fofa.
Mohlomong dinonyana di susumeditse ho qapjwa ha difofane. Kabobedi di na le mapheo.
Ke lakatsa e ka nkabe ke kgona ho fofa, empa ha ke na mapheo.
Ke ile ka ya laeborari ho batla dibuka tse ngotsweng ka ha difofane. Ke ne ke batla ho tseba hore di fofa jwang.
Ke bone ditshwantsho tse fapaneng tsa metjhini e fofang. E meng e na le dienjene, ha e meng e se na tsona.
Ke bone 'hang glider' le parachute.
Ke bone rokete, helikoptara, zepelini, dibalunu tsa moya o tjhesang le difofane tsa kgale haholo, tse seng di fumaneha dimusiamong.
E ka ba sefofane se fofa jwang? Difofane tsa sejwalejwale di fofiswa ke di enjene tsa jete.
Dienjene tsa jete di isa sefofane pele ka potlako. Seo se etsa hore moya o foke ka matla ka hodima mapheo a sefofane.
Sebopeho sa mapheo se sutuletsa moya fatshe, mme seo se etsa kgatello e yang hodimo ka sheshe. Kgatello ena ke yona e bolokang sefofane hodimo.
Seo nka se etsang hore ke be haufu-ufi le ho fofa ke ho palama sefofane.Na o se o kile wa palama sefofane?
Ha e sale ke lakatsa ho palama sefofane se seholo.
Mosuwetsana wa rona o re bolelletse hore re ka etsa ditoro tsa rona di phethahale ka ho kwala mahlo a rona mme re akanye.
Ke nna mofofisi wa sefofane sena.
Ka kopo tlama lebanta la pholoho mme o itokisetse ho fofa.
Hlekang tselana ya ho matha ya sefofane, ke dumisa enjene ya jete jwale!
O mopalami ya dutseng setulong se ka fesetereng.
Re kena tselaneng re potlakile. Re tloha boemafofaneng.
Dienjene le mapheo a sefofane a re sutuletsa hodimo moyeng. Re tla fofela hodimo ho feta nonyana efe kapa efe.
Mosuwetsana wa ka o itse re ka etsa eng kapa eng ka kakanyo tsa rona.
O itse re ka ba seo re batlang ho ba sona, kapa ra etsa seo re se batlang ka kelello tsa rona.
Na wena o batla ho fofela kae?

