

"Bana, a keng le itshware hantle ha le ntse le nkemetse!" horialo mme. "Hopolang hore le tliliniking mona. Hona le bakudi."
"Mme, ke yena a nqalang pele!"
"Mme, ha se phoso yaka!"
"Holekane!" ho rialo MaDikeledi a etswa ka ofising.
Ha feta metsotswana ba ntse ba kgutsitse.
Kgotso ha e kaba ya lala ho isa kae. Bana ba qalella ho sututsana.
Dikeledi a sututsa Milefi hore abe a thekesele.
Molefi a thekesela a ba a wela hodima ntho e thata. PSHATLAAAAAA!
Dikeledi le Molefi ba makalletse qubu ya masapo e saballetseng fatshe.
"Na o elellwa tsietsi eo o e bakileng ka mokolokolo wa mme!" ho botsa Dikeledi.
"Ke phoso ya hao! Ke wena ya ntshutumeditseng," ho omana Molefi.
"Thola! Re tshwanetse ho hong! Ho seng jwalo mme o tlo halefa hampe," ho rialo Dikeledi.
Molefi a thonaka lesapo. "Lena ke la hlooho. Le na le masoba a mabedi a mahlo, lesoba la nko le meno ka tlase."
"Leo ehlile ke la hlooho. Hona ho tshwana le malatadiana. Re tshwanetse ho fumana moo lesapo le leng le le leng le tshwanetseng ho ba teng."
"Na lena ke la hokae?" ho botsa Dikeledi a thonakile lesapo le leholo le jwaloka hoko ya dikgopo.
"Ke nahana hore lena ke la sefuba. Sebaka se ka tlase ke sa mpa," ho bua Molefi.
Dikeledi a dumela, ba tshwarisana masapo a noka ba a beha hodima setentshe.
Masapo a na a manyenyane a tshwana le a menwana," ho rialo Dikeledi, a tshosa Molefi ka ona.
"Hona ke sephaka le letsoho. Na o ka re fumanela le leng?" ho botsa Dikeledi.
O tseba jwang hore hase masapo a leoto?" ho botsa Molefi.
Dikeledi a kgumama, a beha letsoho la hae pela leoto la hae, ho mmontsha phapang.
Matsoho a makgutshwanyane ho maoto.Masapo a matsoho a makgutshwanyane ho masapo a maoto.
Ka pelepele, Molefi a fumana lesapo le leng la sephaka.
Dikeledi a ema ka di tshetshekwane ho lokisa masapo a matsoho ha Molefi a hokahanya masapo a maoto mokolokolong.
Ba utlwa lentswe la mme ka ntle. O qetile mosebetsi wa hae wa letsatsi.
Ho setse feela lesapo la lehata ho kgwaketswa.
"Molefi, phakisa. Atametsa setulo seo kwano," ho seba Dikeledi.
A palama setulo ho kgwaketsa lehata mokolokolong. Molefi a hula setulo ho se kgutlisetsa madulong a sona.
Re sebeditse hantle!" Dikeledi a haka Molefi. Mme a bula monynako wa ofisi ya hae.
"Ho hotle jwang ho bona lona ba babedi le hakana!" ho rialo mme a kena ka ofising.
"Ke qetile mosebetsi wa ka wa letsatsi! Ha re tsamayeng re ilo reka lebejana po," ho bua mme.
"Le sebeditse ka boqetseke ho phutha masapo a mokolokolo," ho bua mme.
Dikeledi le Molefi ba shebana ba maketse.
Mme o tsebile jwang?
Masapo a hloho
Masapo a mokokotlo
Masapo a sephakaa
Masapo a matsoho
Masapo a dikgopo
Masapo a noka
Masapo a tlhafu
Masapo a maoto

