

'M'e oa Mojalefa a kopa Mojalefa hoea shopong. "Tsamaea o ee shopong ea Ntate Ramosebetsi o loreka nama ea khoho. Retla eja bosiu."
Eaba 'M'e oa Mojalefa ofa Mojalefa M50. Mojalefa aee ts'ela ka pokothong ea hae ea bolikhoe.
Mojalefa a tsamaea a feta ha 'M'e Malekau. A tsamaea a feta ts'imong ea Ntate Pitso. A feta ha 'M'e Mampho. O ne antse a hlatsoa liphahlo tsa hae lebaleng.
Hoea ha Ntate Ramosebetsi e ne e le tsela e telehele haholo. Mojalefa o ne a tsamaea butle haholo. A kenya letsoho ka pokothong ea hae. M50 ene ele ka mono.
Empa aaah, hone hoena le ntho engoe ka pokothong ea hae. Ene ele pompong. Mojalefa a re, "Mmmm. Pompong ena etla nthusa ho tsamae tsela ena e telehele hantle." Eaba o akhela pompong ena ka lehanong la hae. "Mmmm, pompong ena kannete e monate!"
A tsamaea kapele. A fihla ha Ntate Ramosebetsi shopong kapele. A fumana nama ea khoho. Alo e patalla.
A kenya letsoho ka pokothong ea hae. A fumana M50 e le siko! A sheba ka pokothong engoe. A fumana M50 e le siko.
Mojalefa a ferekana haholo. Atsoa ka shopong a matha. O ne a sa tsebe a ka etsa joang. A tlameha ke khutlele hae a sa nka nama ea khoho. Ahla a tseba hore 'M'e oa hae otlo koata.
Antse a tsamaea butle. A kamaka hohle fats'e. A bona 'M'e Mampho. O ne antse a hlatsoa liphahlo tsa hae.
'M'e Mampho a botsa, "Hobaneng Mojalefa o shebahala o koatile?" "Ke lahlile chelete ea 'M'e oaka. A re, "'M'e oaka otlo koata." 'M'e Mampho a re, "Ha o ka shebisisa hantle, kena le bonnete otla e fumana."
Mojalefa a tsamaea hape. A kamaka hohle fats'e. Eaba o bona pampiri e nyane e pinki. Ke ena. E ne e le M50 ea 'M'e oa hae!
Mojalefa ae thoanaka. "'M'e Mampho! Ke efumane," ke Mojalefa eoo. A matha ho khutle shopong ea Ntate Ramosebetsi. O ne a thabile haholo. Hona joale a rekela 'M'e oa hae nama ea khoho. Ha o ne o le Mojalefa, o ne o ka ikutloa joang?

