Neo a fumana fariki ea hae
Sehlopa sa Malea-lea ASP
Marion Drew

Neo a palamisa fariki ea hae baesekele.

1

A chaise lejoe tseleng ka baesekele. Fariki ea oela fatše.

Ea lla, eare, "Hooeeeee! Hooeeeee!"

2

Tsotang a e thola. A re, "Haai, fariki ee ebe kea mang?"

3

Tsotang a e lelekisa a ba a e tšoara.

4

A isa fariki Moreneng.

Morena a re a e hlokomele.

5

Ha Neo a feta tseleng. Autloa lehonotho la fariki, "Hmmm, hmmm, hmmm!"

6

A be a pota. A thaba ha a bona fariki ea hae.

7

Neo a re ho fariki ea hae, "Ha re ee hae. Ha re sa tla palama baesekele hape."

8
You are free to download, copy, translate or adapt this story and use the illustrations as long as you attribute in the following way:
Neo a fumana fariki ea hae
Author - Sehlopa sa Malea-lea ASP
Illustration - Marion Drew
Language - Sesotho (Lesotho)
Level - First sentences