Letsatsi la likela
Khothatso Ranoosi
Jesse Breytenbach

Maobane hoseng, 'M'e oa rona Letsatsi, a be a chakela ausi oa hae, Khoeli. Ausi oa hae o ne a lula lehlakoreng le leng la leholimo. Eaba Letsatsi lere, "Seka ferekana ketla khutla."

1

Eare ha antse a le siko, Lithaba tsabe li roala lituku tse ts'oeu.

Moea oa be o se o ba lekhang le lifate.

2

Lifate tsa koata. Tsa lahla makhasi a tsona a fefoloa ke moea.

Eaba leholimo le lona lea koata. Lafetoha laba maru a mats'o.

Maru a ne a koatile ha a bona tsena. Maru a kalella ho lla.

3

A ne a le meokho e mengata.

Lefats'e ka bophara le le metsi hohle.

4

Eare ka tinare Letsatsi la meta ausi oa lona, lare, "Sala hantle." Letsatsi la khutlela hae.

5

Leholimo lona la fetoha laba leputsoa hape. La bulela Letsatsi lemati. Lithaba tsa rola lituku tsa tsona. Tsa tena mese e metle e metalana.

6

Moea oa khutla oalo robala.

7

Lifate tsa ikutlolla makala tsa bososela.

8

Maru a thaba ha a bona 'Me' oa rona letsatsi hape. Maru a tsamaea holo bapala.

9

Limela tse ngata tsohle tsenyane tsa qala ho hlaha, hotlo lumelisa.

10

Lefats'e lohle ka bophare la chaba.

11

Letsatsi lare, "O ea bona, ke o bolelletse hore ketla khutla!"

12
You are free to download, copy, translate or adapt this story and use the illustrations as long as you attribute in the following way:
Letsatsi la likela
Author - Khothatso Ranoosi, Marion Drew
Illustration - Jesse Breytenbach
Language - Sesotho (Lesotho)
Level - First paragraphs