Mokopu oa 'm'e Maneo
Khothatso Ranoosi
Marion Drew

Ka letsatsi le leng, 'M'e Maneo a jala mokopu jareteng ea hae. Oa hlaha oaba moholo-holo. Oa koala tsela e jareteng.

1

'M'e Maneo o ne a batla honts'a mokopu ona ka tseleng. A ea ho mohaisane oa hae. E leng 'M'e Mapalesa. 'M'e Maneo a re, "Kekopa hore otlo nthusa ho tlosa mokopu ona ka tseleng. O koetse tsela eaka."

2

Bo'M'e ba babeli ba suthumetsa ba ba ba suthumetsa, empa oa seke oa tloha.

3

Baea ho 'M'e Masello. Ba buoa, bare, "Re kopa thuso re tlose mokopu oa 'M'e Maneo." Atla hotla ba thusa. Bo'Me ba bararo ba suthumetsa ba ba suthumetsa mokopu. Empa mokopu oa seke oa tloha mono. "Hake tsebe hore na nka etsa eng." Ke 'M'e Maneo eoo.

4

Hoaba le seboko se eang jareteng ea 'M'e Maneo. Sene se lapile. Seboko sena sa leka hoja mokopu ona, sentse se o phunya hanya ka hanyane. Mokopu ona oare, "Emaaa!" Empa seboko se senyane sentse se tsoela pele ka hoja mokopu.

5

"Emaaaaaaaaaa!'' ho buoa mokopu hape, "o ea ntsikinyetsa." "Ha ke thabe le ntho ena eoo o etsang eaho ntsikinyetsa. Hake rate." Mokopu oa pitika letsoapong."

6

Oa ema tlase masimong. Balisana ba babeli ba be ba ofumana. "Ebe retla etsa joang ka mokopu o mokale?" baea botsana. "Hare o je," bacho joatso, "O shebahala o le monate."

7

Banka lejoe le leholo baleka ho o choatla hore o bulehe. Mokopu oa lla, o re, "Aee."

8

Balisana ba qhomela morao ke letsoalo. Mokopu oa buleha.

9

Hotsoa moloi ea letsoho leleng, ea leihlo leleng hape ea leoto leleng. O ne a shebahala hampe. A buoa ka lentsoe le letenya a re, "Seka nferekanyang. Ke mokopu oa morena." Mokopu oa ikoaela hape. Balisana bane ba ts'ohile haholo.

10

Ba mathela hae ho ea bolella batsoali ba bona. Batsoali ba bona ba re, "Ooo, re lehlohonolo!" "Hale tsebe ka mokopu oa moloi?"
"Ha letsebe hore hona le moloi oa mokopu moo motseng?"
"Ke mokopu oa bohlokoa."
"Le tlameha hore, le o tlohelle o le mong."
"Hlabula le tlang, mokopu o tla buleha hape, e be moloi o tla hasa lithotse tsa mokopu majareteng a metse ka o fela."
"Retlaba le mekopu e mengata-ngata ee retla eja."

11

Lehlabula letlang, mokopu oa 'M'e Maneo oa qhoma oa choatleha. O ne o na le lithotse tsengata-ngata.

12

Hoatsoa moloi kahara mokopu ono. A qhomela kantle ho mokopu ka leoto la hae le leleng. Ka leihlo la hae le leleng, a sheba metse kaofela. Ka letsoho la hae le leleng, a khela lithotse kaofela metseng le e hole.

13

Tsa hlaha hantle majareteng ele mekopu e metenya. Marieng aoo, e mong le emong motseng, o ne a na le mokopu o mongata oa hore aje. Baea ho 'M'e Maneo. Bare, "Rea leboha 'M'e Maneo!"

14
You are free to download, copy, translate or adapt this story and use the illustrations as long as you attribute in the following way:
Mokopu oa 'm'e Maneo
Author - Khothatso Ranoosi, Marion Drew
Illustration - Marion Drew
Language - Sesotho (Lesotho)
Level - Longer paragraphs